Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 10:37 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntshwanela; le ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntshwanela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

37 “Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

37 Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntshwanela; le ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntshwanela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 10:37
15 Iomraidhean Croise  

Jesu a re ho yena: O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kelello ya hao yohle.


Yaba o re ho bahlanka ba hae: Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa tshwanela.


Ekare ha motho a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana, le banababo, le dikgaitsedi, le bophelo ba hae, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Empa ba tla kaiwa ba tshwanela ho rua lefatshe leo, le tsoho ya bafu, ha ba nyale, leha e le ho nyalwa;


Fadimehang ke hona, le rapele ka mehla, hore le tle le fumanwe le le le tshwanelang ho phonyoha dinthong tsena tsohle tse tla etsahala, le ho ema pela Mora motho.


Hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.


O na le mabitso a seng makae le Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le nna ba apere bosweu, hobane ba tshwaneleha.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan