Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 11:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 A re ho bona: Ha le rapela, le re: Ntata rona ya mahodimong, Lebitso la hao le ke le kgethehe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re ho bona: Ha le rapela, le no re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe; ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng jwalokaha e etswa lehodimong;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 A re ho bona: “Ha le rapela, le re: “Ntate, Lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

2 A re ho bona: Ha le rapela, le re: Ntata rona ya mahodimong, Lebitso la hao le ke le kgethehe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 11:2
45 Iomraidhean Croise  

E mong le e mong ya bolelang hore o teng pela batho, le nna ke tla mo bolela pela Ntate ya mahodimong.


A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.


Eitse ha a ntse a rapela sebakeng se seng, ha a qetile, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae.


Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.


A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona le ho Morena Jesu Kreste.


A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Ya ikgafileng ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona le ho Morena Jesu Kreste.


A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona le ho Morena Jesu Kreste.


Jwale ho Modimo Ntata rona e be kganya ka ho sa feleng. Amen.


Ke ngolla badumedi ba Kolose, badumedi ba leng ho Kreste, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


Ka utlwa eka lentswe la letshwelehadi, le modumo o kang wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa letolo le matla, le re: Haleluya!


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan