Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 1:41 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

41 Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

41 Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola. mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 1:41
15 Iomraidhean Croise  

Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae.


A kena tlung ya Sakaria, a dumedisa Elisabetha.


A bua ka lentswe le phahameng, a re: “O lehlohonolo hara basadi, ho lehlohonolo le tholwana ya popelo ya hao!


Hobane, bona, lentswe la tumediso ya hao ha le utlwahala ditsebeng tsa ka, lesea la tlola ka popelong ya ka.


Ntatae Sakaria a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:


Yaba Jesu a tletse Moya o Halalelang, a kgutla Jordane, mme a iswa ke Moya feelleng.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a re ho bona: “Babusi ba setjhaba le baholo ba Iseraele!


Ka baka leo, banabeso, ikgetheleng hara lona banna ba supileng, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re ka ba beang ho okamela mosebetsi ona.


Empa yena, a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo.


Ananiase a ikela, a kena tlung; mme a bea matsoho a hae hodima hae, a re: “Saule, Moena, Morena, Jesu, ya iponahaditseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, o nthomile, hore o tle o boele o bone, mme o tlale Moya o Halalelang.


Le se ke la tahwa ke veine, moo bohlola bo leng teng; le mpe le tlale Moya;


Ka ba moyeng ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa ka mora ka lentswe le leholo, le kang la terompeta.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan