Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaKolose 2:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Le lona ba neng ba shwele dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

13 Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

13 Le lona ba neng ba shwele dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaKolose 2:13
36 Iomraidhean Croise  

Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme o boetse o a phela; o ne a lahlehile, mme o fumanwe. Mme ba qala ho thaba.


Ho ne ho loketse hore re thabe, mme re thabe, hobane ngwaneno enwa o ne a shwele, mme o boetse o a phela; mme o ne a lahlehile, mme o fumanwe.


Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona;


Hobane jwalokaha Ntate a tsosa bafu, mme a ba phedise; le Mora o phedisa bao a ratang ho ba phedisa.


Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.


Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: “Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata,” pela eo a ileng a dumela, e leng Modimo, ya phedisang bafu, ya bitsang tse siyo jwaloka hoja di teng.


Le se ke la nehelana ka ditho tsa lona sebeng, hore e be disebediswa tsa bokgopo;


Empa ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Lehlanya towe, seo o se jalang ha se phele, ha se sa shwe;


Jwale ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang; Adama wa morao o entswe moya o phelisang.


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o boelanya lefatshe ho wona, o sa ba balle ditlolo tsa bona; mme o beile ho rona lentswe la poelano.


Le lona o le phedisitse, ba neng ba shwele ditlolo le dibe;


Ka baka leo, le hopole hore le ne le le baditjhaba ka nama, ba bitswang maqai ke bona ba bitswang ba lebollo nameng le entsweng ka matsoho;


Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.


Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.


Empa ya phelang ka menate o shwele ha a ntse a phela.


Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.


Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;


Hakakang madi a Kreste, ya iteletseng Modimo ka Moya o sa feleng, a se na sekodi, a tla hlatswa matswalo a lona mesebetsing e shweleng hakakang, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang?


Le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele e nnotshi.


Empa na o rata ho tseba, wena motho wa lefeela, hoba tumelo e se nang mesebetsi e shwele?


Hobane jwaloka mmele ha o se na moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.


Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan