Tshenolo 18 - BIBELEHo wa ha Babilona 1 Kamorao ho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong. Le ne le ena le matla a maholo, mme tlotla ya lona ya bonesetsa lefatshe lohle. 2 La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang. 3 Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.” 4 Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona. 5 Dibe tsa yona di entse mohlomelo o fihlang lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a yona. 6 E etseng jwalokaha le yona e le entse; le e buseletse habedi ho ya ka mesebetsi ya yona. E qhatsetseng habedi senwelong seo e le qhatseditseng ho sona. 7 Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’ 8 Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.” 9 “Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona. 10 Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’ 11 “Bahwebi ba lefatshe ba tla e llela, ba e hlomohele, hobane ha ho sa le ya rekang thepa ya bona: 12 thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe, 13 le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa. 14 “ ‘Tsohle tseo o neng o di labalabela di ile; tsohle tsa boithabiso, tse phatsimang, di o hlakohile; ha o ka ke wa hlola o di fumana le ka mohla.’ 15 “Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng 16 ba tla re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, o neng o kgabile ka masela a matlematle, le a perese, le a mafubedu; o neng o kgabisitswe ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe a bohlokwa! 17 Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela!’ “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole. 18 Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: ‘Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?’ 19 Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela! 20 Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ” 21 Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re: “Babilona, motse o moholo, e tla akgelwa tlase ka sefutho se tjena, mme ha e ka ke ya hlola e bonwa hape. 22 Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. 23 Lesedi la lebone ha le ka ke la hlola le kganya ha hao. Lentswe la monyadi ha le ka ke la hlola le utlwahala ha hao. Bahwebi ba hao e ne e le mahosana a lefatshe, mme ka boloi ba hao wa thetsa ditjhaba tsohle. 24 Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa