Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Tshenolo 15 - BIBELE


Mangeloi a nkileng dikotlo tsa ho qetela

1 Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.

2 Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo.

3 Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.

4 Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”

5 Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha.

6 Mangeloi a supileng, a nkileng dikotlo tse supileng, a tswa ka tempeleng a apere masela a hlwekileng, a masweu, a itlamme difubeng ka maqhama a kgauta.

7 Yaba se seng sa dibopuwa tse nne tse phelang se nea mangeloi a supileng mafiswana a kgauta a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo ya phelang kamehla le mehla.

8 Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan