Tshenolo 12 - BIBELEMosadi le kganyapa 1 Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi hloohong. 2 E ne e le moimana. A bokolliswa ke mahloko a pelehi. 3 Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona. 4 Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe. 5 A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae. 6 Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng. 7 Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona, 8 empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona. 9 Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona. 10 Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu. 11 Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona. 12 Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.” 13 Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona. 14 Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha. 15 Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke. 16 Empa lefatshe la thusa mosadi, la ahlama, mme la metsa noka eo kganyapa e e tshwetseng ka molomo wa yona. 17 Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu. 18 Yaba e ilo ema lebopong la lewatle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa