Tite 3 - BIBELETiisetsa mesebetsing e metle 1 Hopotsa batho hore eka kgona ba ikokobeletse babusi le ba neilweng matla, ba ba mamele, ba itokisetse mesebetsi yohle e lokileng. 2 Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle. 3 Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane. 4 Empa yare mohla ho bonahalang molemo wa Modimo, Mopholosi wa rona, le lerato la hae ho batho, 5 a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona. 6 Moya oo Modimo o o theoletse hodima rona ka bongata, ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona, 7 e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng. 8 Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho. 9 Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela. 10 Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena. 11 Tseba hore ya jwalo o senyehile, ke moetsadibe, o se a ikahlotse. Ditaelo tse newang Tite le ditumediso 12 Ha ke romela Aretemase kapa Tikikose ho wena, o potlakele ho tla ho nna mona, Nikopolese, hobane ke hopotse ho qeta mariha teng. 13 Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho. 14 Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso. 15 Bohle bao ke nang le bona ba a o dumedisa. Le wena o dumedise bao e leng metswalle ya rona ka baka la tumelo. Mohau o ke o be le lona bohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa