Sofonia 2 - BIBELEBoipiletso ba hore setjhaba se bake 1 “Lona tjhaba se hlabisang dihlong, phuthehang, le kgobokane, 2 nako e boletsweng e eso fihle, tsatsi leo le le fefola sa mmoko; pele kgalefo ya Morena e le fihlela, tsatsi la kgalefo ya Morena le le tjhabela. 3 Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.” Morena o tla otla Bafilesita 4 “Baahi ba Gasa ba tla e baleha, Ashekelone e sale e le masupi. Baahi ba Ashedode ba tla phaladiswa, ba phaladiswe hara motsheare wa lengeta, Ekerone yona ebe e a ripitlwa. 5 Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla. 6 Naha e bopong la lewatle e tla ba makgulo, e tla ba ya badisa le ya meraka. 7 E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.” Kahlolo ya Bamoabe le Baamone 8 “Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile, nyefolo tsa Baamone le tsona ka di utlwa, ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho kena meeding ya sona. 9 Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape. 10 Ona ke moputso wa boikgohomoso ba bona, kaha ba hlapaotse tjhaba sa Morena wa mabotho, ba se hlapaola ba ba ba ithorisa. 11 Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.” Kahlolo ya Bakushe 12 “Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.” Kahlolo ya Baasiria 13 Morena o tla otlolla tsoho la hae, a le otlollele leboya, a le otlolle, a timetse Asiria, a timetse Ninife, e fotohe nanaola, e sale e omeletse e ka lehwatata. 14 Mohlape o tla botha hona moo, le phoofolo tsa naha ka mefuta ya tsona. Sephooko le sephookwana di tla robala teng, di robale kahodima ditshiya, tshiya tse ntseng di eme; bo-makgohlo ba hihitse ba le difesetereng, kupukupu ya mobu e thibile menyako, hobane kedare tsa yona di tla be di wele. 15 Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa