Sofonia 1 - BIBELE1 Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya. Letsatsi la Morena la kahlolo 2 “Tsohle tse lefatsheng ke tla di fedisa,” ho rialo Morena. 3 “Ke tla timetsa batho, ke timetse diphoofolo, ke timetse nonyana tse fofang sepakapakeng, ditlhapi tsa lewatle le tsona ke di timetse. Ke tla fedisa dikgopiso mmoho le ba kgopo, batho bohle lefatsheng le bona ke ba timetse,” ho rialo Morena. Kahlolo ya Juda 4 “Ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima Juda, ke le otlollele le hodima Jerusalema. Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa, ke a fedise sebakeng sena, le baprista ba bohata ke ba fedise; 5 bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome. 6 Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena. 7 Kgutsang ha le le kapele ho Morena, kapele ho Morena Modimo, hobane tsatsi la Morena le atametse. Morena o sa lokisitse sehlabelo, le bamemuwa ba hae o sa ba kgethile. 8 Mohla Morena a etsang sehlabelo, ke tla otla mahosana le bara ba kgosi, le bohle ba apereng meaparo esele. 9 Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle ba sa hateng kosene ya monyako, ke otle ba tlatsang ntlo ya mong bona, ba e tlatse ka tse hapilweng ka dikgoka, ba e tlatse ka tse hapilweng ka bolotsana. 10 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “mokgosi o tla utlwahala Monyakong wa Ditlhapi, seboko se utlwahale se etswa motsemotjha, le modumo o moholo o utlwahale maralleng. 11 Bokollang, lona ba ahileng tlase ho motse, hoba bahwebi bohle ba lona ba tla fediswa, bohle ba ananyang ka silefera ba timetswe. 12 Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’ 13 Matlotlo a bona a tla lobelwa, matlo a bona a heletswe, e be masupi. Matlo a bona wona ba tla a haha, empa ha ba ka ke ba dula ho wona; morara le wona ba tla o hloma, empa veine ya wona ha ba ka ke ba e nwa.” Letsatsi le leholo la Morena 14 “Tsatsi le leholo la Morena le atametse, le tla le potlakile, Utlwang, tsatsi la Morena ke leo! Mohlabani o tla howa a se na tshepo. 15 Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la mahlomola, ke tsatsi la timelo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! 16 Ke tsatsi la lenaka ho houtsa, ke tsatsi la mokgosi wa ntwa, ke tsatsi la ho futuhela metse, la ho futuhela marako, marako a tshireletso! 17 Ke tla bakela batho mahlomola, tsela ba e phopholetse sa difofu, hoba ba entse sebe, ba sitetswe Morena. Madi a bona a tla tsholoha sa lehlabathe, mala a bona a petletsehe sa bolokwe. 18 Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa