Sakaria 9 - BIBELEKahlolo ya baditjhaba 1 Ona ke molaetsa wa Morena: Molaetsa o fihlile naheng ya Hadarake, mme o tla hlola motseng wa Damaseka. Motsemoholo wa Arame ke wa Morena, le merabe yohle ya Iseraele ke ya hae. 2 Hamate e sehelanang moedi, e o sehelane le Hadarake le yona e ntse e le ya Morena, le Tire le Sidone tse bohlale haholo. 3 Tire e ikgahetse qhobosheane, ya ipokellela silefera, silefera e le ngata sa hlabathe le bokeletswe, ya ipokellela le kgauta, kgauta e le ngata sa seretse diterateng. 4 Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo. 5 Ashekelone e tla bona, e tshohe haholo, Gasa yona e meneke ke bohloko, Ekerone le yona e fellwe ke tshepo. Kgosi ya Gasa e tla timetswa, Ashekelone yona e hloke baahi. 6 Ashedode e tla ba leaho, aho la dikgaupane, boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise. 7 Nama e madi, eo ba e jang, ke tla e fedisa, le nama tse ilehang tsa bona ke di fedise. Ba setseng e tla ba ba Modimo wa rona, le bona ba tshwane le ba morabe wa Juda, ba Ekerone bona ba tshwane le Bajebusi. 8 Ke tla lalla pela ntlo ya ka, ke lalle pela yona ke e lebele, mabotho a e futuhelang ke a thibele. Tjhaba sa ka ha se sa tla hlolwa ke motlatlapi, hobane jwale se lebetswe ke nna ka sebele. Ho tla ha kgosi ya Sione 9 Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki. 10 Morena o re: “Ke tla amoha Efraime kariki tsa ntwa, ke amohe Jerusalema dipere tsa ntwa, seqha sa ntwa ebe sona ke a se roba. Kgosi eo e tla tlisetsa ditjhaba kgotso, e buse ho akaretsa mawatle wohle, e buse ho tloha Nokeng ya Euferatese, e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.” Setjhaba sa Modimo se kgutlela hae 11 Morena o re: “Ka baka la selekane sa rona le wena, se tiisitsweng ka madi a mahlabelo, bathopuwa ba hao ke tla ba lokolla, ke ba ntshe ledumeleng le se nang metsi. 12 Lona bathopuwa ba nang le tshepo, kgutlelang qhobosheaneng ya lona; e sa le jwale ke se ke le tsebisa: Ke tla le buseletsa tsohle habedi. 13 Ke tla koba Juda sa ha ke koba seqha. Efraime yena e be motsu wa sona. Ke tla hlohleletsa bara ba Sione, ke ba etse sabole ya mohlabani, ba futuhele bara ba Bagerike.” Morena o tla hlaha 14 Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa. 15 Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare. 16 Mohla tsatsi leo ba tla pholoswa, Morena Modimo wa bona, o tla ba pholosa, hobane tjhaba sena ke mohlape wa hae. Kahara naha ya hae ba tla phatsima, ba phatsime sa mabenyane a mofapahlooho. 17 Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa