Sakaria 6 - BIBELEPono ya borobedi: Dikariki tse nne tsa ntwa 1 Ka tadima hodimo hape, mme ka bona dikariki tse nne tsa ntwa di etswa pakeng tsa dithaba tse pedi tsa lethose! 2 Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgunong, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho, 3 ya boraro e hulwa ke tse tshweu, ya bone yona e hulwa ke tse kwebu. 4 Yaba ke botsa lengeloi le neng le ntse le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” 5 Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle. 6 Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e leba nqa leboya; e hulwang ke tse tshweu e leba nqa bophirimela; athe e hulwang ke tse kwebu yona e leba nqa borwa.” 7 Dipere tse kwebu tsona ha di tloha di ile tsa potlakela ho haola le lefatshe lohle. Lengeloi la re: “Eyang, le haole le lefatshe lohle.” Kahoo dipere tseo tsa tloseletsa ho haola le lefatshe lohle. 8 Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.” Joshua o rweswa mofapahlooho 9 Morena a bua ho nna, a re: 10 “Amohela dimpho tsa silefera le tsa kgauta ho ba kgutlang Babilona, bothopuweng, e leng bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya. Ha o qeta ho di amohela o ye ha Josiya, mora wa Sofonea. 11 Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake. 12 O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena. 13 Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano. 14 Ha e le mofapahlooho wona o tla bewa ka Tempeleng ya Morena, e le hore ho tle ho hopolwe molemo wa bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya, le Hene, mora wa Sofonea.’ 15 “Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa