Sakaria 5 - BIBELEPono ya botshelela: Buka e fofang sebakeng 1 Ka tadima hape, mme ka bona buka e fofang sebakeng! 2 Lengeloi la mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ke bona buka e fofang sebakeng: Bolelele ba yona ke dimethara tse robong, bophara ba yona ke dimethara tse nne le halofo.” 3 Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa. 4 Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.’ ” Pono ya bosupa: Mosadi ya ka morifing 5 Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.” 6 Ka le botsa, ka re: “Ke eng?” La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.” 7 Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi. 8 Lengeloi la re: “Enwa o tshwantsha Bokgopo!” Yaba le mo katella kahara morifi, la ba la o kwahela ka sekwahelo sa loto. 9 Ha ke tadima hodimo ka bona basadi ba babedi ba etla ba fofa, mapheo a bona a kang a mokotatsle a kgile moya. Basadi bana ba phahamisetsa morifi ona hodimo. 10 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Basadi baa ba isa morifi oo hokae?” 11 La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa