Sakaria 4 - BIBELEPono ya bohlano: Sedulwana sa mabone 1 Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng. 2 La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena. 3 Ka mahlakoreng a sedulwana sena sa mabone, ho na le difate tse pedi tsa mohlwaare: Se seng ka tsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.” 4 Yaba ke botsa lengeloi le neng le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” 5 Lengeloi leo la araba, la re: “Ha o tsebe hore na dintho tsee ke dintho ding?” Ka araba, ka re: “Tjhe, monghadi.” Morena o etsetsa Serubabele tshepiso 6 Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho. 7 “Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ” 8 Morena a boela a bua le nna, a re: 9 “Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. 10 “Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.” 11 Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?” 12 Ka le botsa hape, ka re: “Makala aa a mabedi a mohlwaare, a kamathoko ho dipompo tse pedi tsa kgauta, tse ntshang ole e bosehla ba kgauta, wona a bolelang?” 13 La nkaraba, la re: “Ha o tsebe hore na a bolelang?” Ka re: “Tjhe, monghadi.” 14 Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa