Obadia 1 - BIBELE1 Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!” Morena o tla otla Edomo 2 “Wena Edomo, ke tla o nyenyefatsa, ke o nyenyefatse hara baditjhaba, ba tle ba o nyope, ba o nyedise. 3 Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: ‘Ke mang ya ka ntheolelang tlase?’ 4 Leha o ka fofela hodimo sa ntsu, wa haha hlaha sa hao, wa se haha hara dinaledi, ke tla o tlosa hona moo, ke o theole,” ho rialo Morena. 5 “Ha mashodu a ka o futuhela bosiu, dinokwane tsa o nanarela bosiu, leha tshenyehelo ya hao e tla ba kgolo, na a ke ke a utswa feela tseo a di hlokang? Ha bakotudi ba morara ba o kotulela, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? 6 Esau o runtsolotswe hakaakang! Matlotlo a hae a patilweng a lobelwa hakaakang! 7 Bohle ba thusanang le wena ba o thetsitse, ba o kgarameletsa meeding; balekane ba hao ba o kgelositse, metswalle eo o e tshepang e o tjhehetse leraba, empa wena ha o ka ke wa le bona. 8 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “na ha ke tlo timetsa bahlalefi ba Edomo, thabeng ya Esau ke fedise ba nang le kutlwisiso? 9 Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau. Mabaka a ho otla Edomo 10 “Kaha o no hlekefetse ngwaneno Jakobo, dihlong di tla o aparela, wena o timele, o timelle ruri! 11 Mohla o no emeletse kathoko, ha baditjhaba ba hahara leruo la hae, melata e kena ka dikgoro, ka kgoro tsa metse ya hae, e laola Jerusalema ka lotho, o ne o ka e mong wa baditjhaba. 12 Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo. 13 Mohla tjhaba sa ka se wetsweng ke koduwa, o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona; mohla tjhaba sa ka se leng hara bomadimabe, o se ke wa se somela bomadimabe boo; le mohla se leng hara ditlokotsi, o se ke wa ikgapela maruo a sona. 14 Mohla tsatsi la sona la ditsietsi, o se ke wa lalla mateanong a ditsela, hore o bolaye baphaphathehi ba sona, le ho neelana ka ba phonyohileng ba sona. Modimo o tla ahlola ditjhaba 15 “Tsatsi la Morena le atametse, le tla tjhabela ditjhaba kaofela. Kgalapa di tla buseletsana, molamu o boele sefateng. 16 Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng, la se nwella thabeng ya ka, thaba e halalelang, ditjhaba tsohle di tla se nwa ho-ya-ho-ile; di tla se nwa, di be di minyeletse, di be jwaloka hola di eso be teng. Baiseraele ba tla ahlolwa 17 “Ba phonyohileng ba tla ba thabeng ya Sione, yona e be sebaka se halalelang; ba ntlo ya Jakobo ba je lefa la bona. 18 Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena. 19 Baiseraele ba tswang Borwa ba tla hapa, ba hape thaba ya Esau, ba tswang diphuleng le bona ba hape, ba hape naha ya Bafilesita. Ba tla hapa Efraime, ba hape Samaria, Benjamine yena a ikgapele Gileade. 20 Letshwelehadi la bathopuwa ba Iseraele ba Kanana le tla hapa naha eo ho ya fihla Sarepeta, bathopuwa ba Jerusalema, ba leng Sarefate, ba tla ikgapela metse e ka Borwa. 21 Bapholosi ba bona ba tla nyoloha, ba nyolohele thabeng ya Sione, ba buse dithaba tsa Esau, mme mmuso e tla ba wa Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa