Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Numere 28 - BIBELE


Mahlabelo ka kakaretso
( Phal. 29:38-46 )

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

2 “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Le hlokomele hore ka dinako tse beilweng le nketsetse nyehelo ya ka ya setjheso sa dijo, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang.’ ”


Hoseng le ka phirimana

3 “O re ho bona: ‘Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso.

4 O tla nyehela ka konyana e le nngwe hoseng, konyana ya bobedi o nyehele ka yona ka phirimana.

5 Le kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare o tutsweng, e le nyehelo ya dijo.

6 Sena ke sehlabelo sa kamehla sa setjheso, se ileng sa hlongwa thabeng ya Sinai, e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e etsetswang Morena.

7 Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong.

8 Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona ka phirimana, o nyehele ka yona le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ”


Nyehelo ya Sabatha

9 “ ‘Ka letsatsi la Sabatha o tla nyehela ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le tsona.

10 Ena ke nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


Mokete wa ho thwasa ha kgwedi

11 “ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha.

12 Le ka dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo e tsamayang le pheleu e nngwe le e nngwe.

13 Le ka kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

14 Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.

15 Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


Dinyehelo moketeng wa Bohobe bo sa lomoswang
( Mee. 23:5-14 )

16 “ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena.

17 Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi ena ke mokete; ka matsatsi a supileng ho tla jewa bohobe bo sa lomoswang.

18 Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

19 Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.

20 Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le dikilo tse pedi, e le nyehelo e tsamayang le pheleu.

21 Nyehelo ya konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng e tla ba kilo e le nngwe.

22 O nyehele ka phooko e le nngwe ho iketsetsa tefelo ya sebe.

23 Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso.

24 O tla etsa dinyehelo tse jwaloka tsena ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e le dinyehelo tsa dijo, tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

25 Ka letsatsi la bosupa ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.’ ”


Dinyehelo moketeng wa kotulo
( Mee. 23:15-22 )

26 “ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

27 Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo.

28 Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pheleu e le nngwe;

29 le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tsena tse supileng.

30 Ka phooko e le nngwe o iketsetse tefelo ya sebe.

31 Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona, mme o tla nyehela ka tsona, hammoho le nyehelo ya seno e tsamayang le tsona, di se na sepha.’ ”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan