Numere 24 - BIBELE1 Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng. 2 Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela, 3 mme a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, ho porofeta monna ya mahlo a tjhatsi, 4 ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona. 5 “Ditente tsa hao, Jakobo, di kgahleha hakaakang! Diahelo tsa hao, Iseraele, di ntle hakaakang! 6 “Di nametse hole jwaloka dikgohlo, jwaloka masimo mabopong a dinoka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Morena, jwaloka fate tsa dikedare pela metsi! 7 Metsi a phalla dinkgong tsa hao, peo ya hae e tla ba metsing a mangata, kgosi ya hae e tla ba kgolo ho feta Akake, mmuso wa hae o tla phahamiswa. 8 “Modimo ya mo ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. O tla hlola ditjhaba, e leng dira tsa hae, a bjabjaretse masapo a tsona, a ba bolaye ka metsu ya diqha tsa hae. 9 A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!” 10 Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo! 11 Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.” 12 Bileame a re ho Balake: “Na ha ke a ka ka bolella maqosa ao o neng o a romile, ka re: 13 ‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?” Bileame o porofeta la ho qetela 14 “Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.” 15 Bileame a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, monna ya mahlo a tjhatsi o a porofeta, 16 ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya nang le tsebo ya Ya Hodimodimo; ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona. 17 “Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete. 18 O tla hapa Edomo, a e rue, Seire, sera sa hae, le yona o tla e rua. Iseraele o tla nne a matlafale, 19 Jakobo o busa dira tsa hae, mme o timetsa masalla a motseng.” 20 Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re: “Amaleke setjhaba sa pele hara ditjhaba, empa qetellong se tla timella ruri.” 21 A tadima Bakene, mme a porofeta, a re: “Leaho la hao ke qhobosheane e thata, sehlaha sa hao se hahilwe hodima lefika; 22 leha ho le jwalo, lona Bakene, le tla timetswa, Asure e tla le hapa, le be bathopuwa.” 23 Bileame a porofeta hape, a re: “Jo! ke mang ya ka phelang ha Modimo a etsa tjee? 24 Empa dikepe di tla tswa lebopong la Kitime, di siye Asure le Ebere e le lesupi, empa qetellong le tsona di tla timela.” 25 Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa