Numere 23 - BIBELE1 Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.” 2 Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile. Balake le Bileame ba nyehela ka pohwana le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe. 3 Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho. Boporofeta ba pele ba Bileame 4 Modimo a kopana le Bileame, mme Bileame a re ho yena: “Ke hlophile dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe ke nyehetse ka pohwana le ka pheleu.” 5 Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.” 6 Bileame a kgutlela ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. 7 Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’ 8 Nka rohaka e mong jwang, ya sa rohakwang ke Modimo? Nka halefela jwang, eo Modimo a sa mo halefelang? 9 E, ka mmona ke le qhoweng e hodima mafika, Ka mmona ke le hodima maralla. Sena ke setjhaba se ahileng se le inotshi, se ke keng sa balellwa hara tjhaba tse ding. 10 Ke mang ya ka balang ditloholo tsa Jakobo? Ke mang ya ka balang karolo ya bone ya Baiseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng! Pheletso ya ka e ke e tshwane le ya hae.” 11 Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!” 12 Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?” Boporofeta ba bobedi ba Bileame 13 Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.” 14 A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu. 15 Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.” 16 Morena a kopana le Bileame, a mmolella hore na a tle a reng, mme a re: “Kgutlela ho Balake, o bue tjena.” 17 Bileame a fihla ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. Balake a botsa Bileame, a re: “Morena o itseng?” 18 Bileame a boela a porofeta, a re: “Tsoha Balake, o mamele! Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore. 19 Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha? 20 Bona, ke laetswe hore ke hlohonolofatse; o hlohonolofaditse, mme nke ke ka fetola. 21 “Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona. 22 Modimo ya ba ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. 23 Ha ho boloi ho Jakobo, ha ho bonohe ho Iseraele. Ka nako ya teng ho tla thwe ho Jakobo le ho Iseraele: ‘Modimo o sebeditse hakaakang!’ 24 Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.” 25 Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.” 26 Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?” Boporofeta ba boraro ba Bileame 27 Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.” 28 Balake a isa Bileame qhoweng ya Peore, e okametseng lehwatata. 29 Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.” 30 Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile, mme a nyehela ka pohwana le ka pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa