Numere 2 - BIBELEBaetapele ba merabe 1 Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: 2 “Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona. 3 “Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe. 4 Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng. 5 “Ba tla hloma pela Juda e tla ba ba morabe wa Isakare, mme kgosana ya morabe wa Isakare e tla ba Netanele mora wa Suare. 6 Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane. 7 “Jwale e be morabe wa Sebulone, mme kgosana ya bana ba Sebulone e tla ba Eliabe, mora wa Helone. 8 Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane. 9 “Palo yohle ya mokgetho wa Juda e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e tsheletseng le makgolo a mane ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla tloha pele. 10 “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure. 11 Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano. 12 “Ba tla hloma pela hae e tla ba ba morabe wa Simeone, mme kgosana ya bana ba Simeone e tla ba Shelomiele, mora wa Surishadai. 13 Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e robong le makgolo a mararo. 14 “Jwale e be morabe wa Gade, mme kgosana ya bana ba Gade e tla ba Eleasafo, mora wa Reuele. 15 Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano. 16 “Palo yohle ya mokgetho wa Rubene e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le motso o le mong, le makgolo a mane le mashome a mahlano, ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla latela ba tlohileng pele. 17 “Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae. 18 “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude. 19 Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. 20 “Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure. 21 Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi. 22 “Jwale e be morabe wa Benjamine. Kgosana ya bana ba Benjamine e tla ba Abidane, mora wa Gidoni. 23 Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane. 24 “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Efraime ya eba dikete tse lekgolo le metso e robedi le lekgolo, ho ya ka mabotho a bona, mme e tla ba ba boraro ba tlohang. 25 “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Dane ba tla ba ka lehlakoreng le ka leboya, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Dane e tla ba Ahiesere, mora wa Amishadai. 26 Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng. 27 “Pela bao e tla ba ba morabe wa Ashere. Kgosana ya bana ba Ashere e tla ba Pagiele, mora wa Okerane. 28 Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano. 29 “Jwale e be morabe wa Nafthali. Kgosana ya bana ba Nafthali e tla ba Ahira, mora wa Enane. 30 Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane. 31 “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Dane ya eba dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a tsheletseng, mme bona e tla ba ba ho qetela ba tlohang.” 32 Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. 33 Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. 34 Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa