Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Numere 12 - BIBELE


Lefufa la Arone le Meriama

1 Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.

2 Ba re: “Na Morena o fela a buile ka molomo wa Moshe? Na ha a eso bue ka melomo ya rona?” Morena a utlwa taba ena.

3 Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.

4 Hanghang Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, le ho Meriama, a re: “Lona ba bararo tloong ka Tenteng ya Morena!” Boraro ba bona ba tla ka Tenteng ya Morena.

5 Morena a theoha a le kahara leru le lopaletseng, a ema monyakong wa Tente, a bitsa Arone le Meriama, mme bobedi ba bona ba tla.

6 Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.

7 Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.

8 Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


Meriama o otlwa ka lepera

9 Kgalefo ya Morena ya tlokoma, yaba o a tsamaya.

10 Leru la phahama hodima Tente ya Morena, Meriama a sala a se a tletse lepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Ha Arone a retelehela ka ho Meriama, a bona a se a tletse lepera.

11 Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe.

12 Meriama a se ke a ba jwaloka sefolotsana se tswang popelong ya mma sona, dinama tse ding tsa sona di jeehile.”

13 Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”

14 Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”

15 Meriama a kwallwa kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme setjhaba ha se a ka sa tswela pele leetong ho fihlela Meriama a kgutlisetswa diahelong hape.

16 Kamora moo setjhaba sa tswela pele leetong, ho tloha Haserote, mme sa fihla sa hloma diahelo lehwatateng la Parane.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan