Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Nahume 3 - BIBELE


Ninife e madimabe

1 Ho madimabe motse o kganathetseng madi, o tletseng thetso, o tletseng le kgapo, motse o sa kgaotseng ho lobela!

2 Ho lla sephadi, makoloi a a kititsa, dipere di a kgema, ho lla tlhako, le kariki tsa ntwa di a kgehlemana.

3 Bapalami ba dipere ba a kgoroha, sabole di a tsekema, marumo a a phatsima! Ditopo ke mofela, di robellane feela, bongata ba tsona ha bo na palo, batho ba kgothometseha hodima tsona.

4 Ninife e otlwa jwalo hobane e le seotswa, boloi ba yona bo ke ke ba ba ba bolelwa, ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba, ka boloi ba yona e fetole merabe makgoba.

5 “Wena Ninife, ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla o hlobodisa, ke o tsodise. Ke tla pepesetsa ditjhaba bofeela ba hao, mebuso e bone tse dihlong tsa hao.

6 Ke tla o silafatsa, ke o hlabise dihlong, ke o etse sebonwang-se-bonwa-ke-bohle.

7 Bohle ba o bonang ba tla o baleha, ba re: ‘Motse wa Ninife o fetohile masupi, ekaba ke mang ya tla o llela?’ Ke tla fumana mang ya tla o tshedisa?”

8 Na o lokile ho feta Tebese, e neng e hahilwe bopong la Nile, e neng e potapotilwe ke metsi? Lewatle le ne le e haheleditse, metsi a lona a e etseditse lerako.

9 Kushe le Egepeta di ne di e hlomella, di e hlomella, ho se na moedi; Pute le Lebia tsona di e thusetsa.

10 Empa le yona Tebese e ile ya haptjwa, tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng. Mateanong a diterata tsohle, bana ba yona ba pshatlakanngwa; mahosana a yona a laolwa ka lotho, yaba bahlomphehi ba yona ba a tlangwa, ba tlangwa ka mahlaahlela.

11 Le wena Ninife, o tla tahwa, o tahwe, o be o thekesele, o batle moo o ka ipatelang sera teng.

12 Qhobosheane tsohle tsa hao di ka fate tsa feiye, fate tsa feiye tse butswang pele: Ha di hlohlorwa, di a wa, di wela ka hanong la moji wa tsona.

13 Ako tadime mabotho a hao, kaofela a itshwanela le basadi feela! Dikgoro tsa naha ya hao di ahlame, di ahlametse hore dira tsa hao di kene; mollo o tjhesitse mekwallo ya tsona.

14 Ikgelle metsi, o itokisetse thibella, qhobosheane tsa hao o di matlafatse; tjheka letsopa, o dube seretse, ebe jwale o bopa setene!

15 Mollo o tla o tjhesetsa hona teng, sabole e o bolaele hona moo, e o je sa ditsie di kumola dijalo. Ata, o ikatise sa ditsienyane, o ikatise jwaloka bookgolane!

16 O ekeditse palo ya bahwebi ba hao, wa e eketsa ho feta naledi tsa lehodimo. Jwalokaha ditsie di ye di je, ebe di a ikela, le bona ba tla o ja, ebe ba a ikela.

17 Balebedi ba hao ba itshwanela le ditsie, bangodi ba hao ba ka boiyane ba ditsie, tse itshwarellang marakong mohla mohatsela, ere ha le tjhaba, di futhumala, di fofe, di fofele moo ho seng motho ya tsebang.

18 Oho, wena kgosi ya Asiria, babusi ba hao ba kgalehile, mahosana a hao a ipaqametse fatshe. Tjhaba sa hao se qhalakane dithabeng, ha ho le ya mong ya se phuthang.

19 Leqeba la hao ha le na pheko, leoma la hao le isa lefung. Bohle ba utlwang ditaba tsena tsa hao, ba opela ho wa ha hao mahofi. Ke mang ya phonyohileng sehloho sa hao, sehloho sa hao se sa kgaotseng?

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan