Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Moeklesia 9 - BIBELE


Pheletso ya bohle e a tshwana

1 Tsena tsohle ke ile ka di nahana, ka leka ho di hlalosa, ka fumana hore ba lokileng le ba bohlale, hammoho le mesebetsi ya bona, ba matsohong a Modimo. Hore na ba a ratwa kapa ba hloilwe, le teng ha ba tsebe; motho ha a tsebe se mo tlelang.

2 Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.

3 Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.

4 Ya ntseng a phela o sa na le letshepa, hobane le ntja e phelang e molemo ho feta tau e shweleng.

5 Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.

6 Lerato le lehloyo le lefufa la bona, tsena tsohle di timetse le bona; ha ba ka ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang mona lefatsheng.

7 Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.

8 Kamehla o apare aparo tse tshweu, kamehla hlooho ya hao e tlotswe ka ole.

9 Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng.

10 Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.

11 Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.

12 Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho.


Bohlale bo molemo ho feta bothoto

13 Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo:

14 Ho kile ha eba le motsana o nang le baahi ba seng bakae. Yaba kgosi e nngwe a matla e a o futuhela, e o etsetsa thibella, e haha marako ho o potapota.

15 Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola.

16 Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe.

17 Polelo tse bonolo, tse buuwang ke mohlalefi, di molemo ho feta mehoo ya ya busang dithoto.

18 Bohlale bo molemo ho feta hlomo tsa ntwa, modibe ya mong o senya tse ngata tse molemo.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan