Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Moeklesia 6 - BIBELE

1 Ho na le bobe bo bong boo ke bo boneng mona lefatsheng, mme bo imela batho haholo.

2 Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo.

3 Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.

4 Ho tswalwa ha sona ke lefeela, se shwella lefifing, lebitso la sona ha le tsejwe.

5 Le hoja se sa ka sa bona letsatsi, leha e le ho le tseba, se phomotse hamonate ho feta motho eo.

6 Leha a ka phela dilemo tse dikete tse pedi, mme a se ke a ithabisa ka maruo a hae, feela o ya sebakeng se le seng le sefolotsana seo.

7 Tshebetso yohle ya motho ke ho lemisetsa mmetso, takatso tsa hae tsona ha di ke di kgotsofala.

8 Mohlalefi o feta ya sethoto ka eng? Mofutsana o fumanang ka ho tseba ho phela le batho?

9 Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela.

10 Seo motho a leng sona kgale se tsejwa, kgale ho tsejwa hore motho ke motho; ha ho motho ya ka hwebeshanang, le senatla se mo feta ka matla.

11 Ho bebera haholo ke ho bua mafeela; jwale ebe motho ho ka mo ruisa eng?

12 Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan