Moeklesia 5 - BIBELESe potlakele ho etsa ditshepiso 1 Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe. 2 Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae. 3 Jwalokaha toro e tswalwa ke metouto, polelo tsa sethoto di tswalwa ke ho bua haholo. 4 Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona. 5 Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse. 6 Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao? 7 Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo. Maruo ha a na thuso 8 Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo. 9 Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo. 10 Ya ratang tjhelete ha e ke be e mo lekane, ya ratang leruo kamehla o a le halala; hona le hona e sa le lefeela. 11 Ha leruo le ata, bafepuwa ba a ata; ebe le thusa monga lona ka eng, haese ho nna a le boha kamehla? 12 Mosebeletsi o robala boroko, ebang o a lapa kapa o a kgora, empa morui ya hafang ka nkatana ha a bo hlothe ke maruo a hae! 13 Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng: Motho o bokella leruo le tlise bosoto, 14 kapa ka bomadimabe ebe le a senyeha, mora hae a qetelle a sa fumana lefa. 15 Jwalokaha motho eo a tswetswe a le feela, o tla ya lebitleng a ntsa le feela. Hara tsohle tseo a di sebeditseng, a ke ke a nka le e nngwe ka letsoho la hae. 16 Hona le hona ke bobe bo otlang pelo: Motho o ikela a le feela sa ha a tswalwa; ebe o fumaneng ka ho sebeletsa lelea? 17 Tshiu tsa hae tsohle o di qeta hara lefifi, a swabile haholo, a kula, a halefile! 18 Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. 19 Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae. 20 Motho ha a ke a nahana bokgutshwanyane ba bophelo ba hae, hobane Modimo o mo phedisa ka nyakallo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa