Moeklesia 4 - BIBELEHo sebeletsa lelea 1 Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi. 2 Kahoo ka lebohela ba seng ba shwele, ho ena le bana ba ntseng ba phela. 3 Bobedi ba fetwa ke ya eso tswalwe, ya eso ka ba a bona bokgopo, bokgopo bo etswang mona lefatsheng! 4 Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela. 5 Sethoto se phutha matsoho a sona, mme se ipolaye ka bosona. 6 Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela. Ba babedi ba feta ya mong 7 Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng: 8 Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea! 9 Ba babedi ba feta ya mong, moputso wa bona o a hlamatseha. 10 Ha e mong a ewa, e mong o a mo tsosa; ho madimabe ya wang ho se na mothusi! 11 Ba babedi ba a futhumatsana ha ba kopanetse dikobo; ya robetseng a le mong a ka futhumala jwang? 12 Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata, thapo e kgwele di tharo e dieha ho kgaoha. 13 Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso. 14 Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae. 15 Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi. 16 Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa