Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Moeklesia 3 - BIBELE


Tsohle di beetswe dinako

1 Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng:

2 Ke nako ya ho tswalwa le nako ya ho shwa, nako ya ho hloma le nako ya ho hlomola;

3 nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;

4 nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo;

5 nako ya ho lahla majwe le nako ya ho a phutha, nako ya ho akana le nako ya ho se akane;

6 nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla;

7 nako ya ho tabola le nako ya ho roka, nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua;

8 nako ya ho rata le nako ya ho hloya, nako ya ntwa le nako ya kgotso.

9 Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?

10 Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.

11 O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.

12 Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela.

13 Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.

14 Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.

15 Tse teng ha di qale ho ba teng, tse tla ba teng di bile teng pele; Modimo o etsa hore tsohle di sene, di suthelane sebaka.


Toka ha e yo lefatsheng

16 Mona lefatsheng ka boela ka bona hona: Sebakeng sa kahlolo ka bona bokgopo, sebakeng sa toka ka bona bokgopo.

17 Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”

18 Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo.

19 Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.

20 Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.

21 Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”

22 Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan