Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Moeklesia 2 - BIBELE


Menyaka le maruo ke lefeela

1 Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela.

2 Yaba ke re: “Ditshebo ke bohlanya! Monyaka wona o thusang?”

3 Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.

4 Ka iketsetsa mesebetsi e meholo, ka ikgahela matlo, ka itemela masimo a ka a morara.

5 Ka iketsetsa dirapa tsa dipalesa le tsa difate, ka lema difate tse behang mefuta yohle ya ditholwana.

6 Ka iketsetsa matshana ao ka metsi a wona ke nwesetsang difate tse lemilweng.

7 Ka ithekela makgoba le makgabunyane, mme makgoba a mang a tswallwa lapeng ha ka. Ka rua haholo, ka ba le mehlape ya dikgomo le ya dikgutshwane ho feta bohle ba ileng ba eba teng Jerusalema pele ho nna.

8 Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.

9 Kahoo ka tuma haholo, ka feta bohle ba bileng teng Jerusalema pele ho nna, mme ka dula ke ntse ke le bohlale.

10 Ha ke a ka ka itima melakatswana yohle, ha ke a ka ka ithibela menyaka yohle. Ke ne ke thabela tsohle tsa mofufutso wa ka, hona e le moputso wa mofufutso wa phatla ya ka.

11 Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Bohlale le bothoto ke lefeela

12 Maikutlong a ka ka nahana bohlale, ka nahana bohlanya le bona bothoto. Mohlahlami wa kgosi a ka etsang hape, haese feela ho etsa se seng se entswe?

13 Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho feta lefifi.

14 Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.

15 Jwale ka bua ka pelo, ka re: “Se hlahelang sethoto le nna se tla ntlhahela; ke fumanang ka ho ba bohlale haholo?” Ka bua ka pelo, ka re: “Hona le hona e ntse le lefeela!”

16 Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa!


Ho sebetsa ka thata ke lefeela

17 Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

18 Ka hloya mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng, hobane ke tlameha ho e siela ya tla ntlhahlama.

19 Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela.

20 Kahoo ka itshwabela ka baka la mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng.

21 Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.

22 Motho o boellwa keng ka mosebetsi wohle o boima, o mo kgathatsang, oo a o etsang mona lefatsheng?

23 Matsatsi wohle a bophelo ba hae ke a ditsietsi, mme mosebetsi wa hae o tletse maswabi. E, bosiu ha a phomole, mme hona le hona ke lefeela.

24 Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo,

25 hobane ntle ho Modimo, ke mang ya ka jang, mme a ithabisa?

26 Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan