Moeklesia 10 - BIBELE1 Jwalokaha ntsintsi tse shweleng di nkgisa menkwane, bothotwana le bona bo senya bohlale le botumo. 2 Pelo ya ya bohlale e sekamela ho lokeng, pelo ya ya sethoto e sekamela bokgopong. 3 Sethoto se tsamaya tseleng se se na kelello, bohle se ba bolella hore dithoto ke bona. 4 Haeba kgalefo ya mmusi e o tlokela, tulo tsa hao o se ka sutha ho tsona, hoba boikokobetso bo fedisa diphoso tse kgolo. 5 Ho na le bokgopo boo ke bo boneng mona lefatsheng, phoso eo sesosa sa yona e leng mmusi: 6 Thoto di bewa ditulong tse phahameng haholo, barui bona ba bewe ho tse tlasetlase. 7 Ke bone makgoba a kaletse dipere, mahosana wona a tasola seka makgoba. 8 Ya tjhekang lemena a ka nna wela ho lona, ya heletsang lerako a ka nna longwa ke noha. 9 Ya thuang majwe a ka nna pitlwa ke wona, ya rathang patsi a ka nna hlajwa ke phatsa. 10 Ha selepe se le nthithi, se sa leotswe, eka kgona moratha-patsi a be sefea; athe setsebi se thuswa ke bohlale ba sona. 11 Ha noha e ka loma pele e khwefuwa, mokhwefi wa dinoha a ke ke a putswa. 12 Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa; 13 ha se bua se ye se qale ka ho phorohla, se qetelle ka ho pota sa motho wa mapokaetsi. 14 Sethoto ha se hehla ha se kgaotse! Motho a ke ke a tseba tse tla etsahala; tse tla hlaha hoba a fete di ka senolwa ke mang? 15 Thoto se tepeletswa ke mosebetsi wa sona, le tsela e yang motseng ha se e tsebe. 16 Ho madimabe naha e buswang ke kgosi ya moshanyana, eo mahosana a vona a ketekang e sa le hoseng! 17 Ho lehlohonolo naha e buswang ke kgosi e tswalehileng, eo mahosana a yona a ketekang ka nako ya teng, a jelang ho matlafala, e seng hore a tahwe. 18 Bokgoba bo etsa hore maballo a ntlo a kobehe, ha matsoho a sa tshware, ntlo eo e ye e nele. 19 Mokete o etsetswa boithabiso, veine yona e natefisa bophelo, empa ka tjhelete o ka fumana tsohle. 20 Se rohake kgosi, leha e le ka mehopolong ya hao, kapa morui ha o le ka kamoreng ya ho robala, hoba nonyana e fofang e ka utlwa polelo tsa hao, tlhatsinyane ha e rura ya tsamaya e di bolela. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa