Mattheu 17 - BIBELETshobotsi ya Jesu e a fetoha ( Mar. 9:2-13 ; Luka 9:28-36 ) 1 Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing. 2 A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi. 3 Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu. 4 Petrose a re ho Jesu: “Morena, ke hantle ha re le mona; ha o rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.” 5 Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.” 6 Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo. 7 Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!” 8 Yare ha ba phahamisa mahlo a bona ba se ke ba bona motho haese Jesu feela. 9 Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.” 10 Barutuwa ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng Ditsebi tsa Molao di reng eka kgona Elia a tle pele?” 11 A ba araba, a re: “Elia o hlile o a tla, mme o tla busetsa dintho tsohle madulong. 12 Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.” 13 Jwale barutuwa ba utlwisisa hore o ne a bua le bona ka Johanne Mokolobetsi. Phodiso ya moshanyana ya nang le modemona ( Mar. 9:14-29 ; Luka 9:37-43 ) 14 Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena, 15 a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing. 16 Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao, empa ba sitilwe ho mo fodisa.” 17 Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!” 18 Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo. 19 Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?” 20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang. 21 Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo le ka ho itima dijo.” Jesu o porofeta lefu le tsoho ya hae hape ( Mar. 9:30-32 ; Luka 9:43-45 ) 22 Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, 23 mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo. Jesu o ntsha lekgetho la Tempele 24 Ha ba fihla Kaperenauma, babokelli ba lekgetho la Tempele ba tla ho Petrose, ba re: “Na moruti wa lona o ntsha lekgetho la Tempele?” 25 A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?” 26 Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile. 27 Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa