Mareka 2 - BIBELEJesu o fodisa motho ya shweleng ditho ( Mat. 9:1-8 ; Luka 5:17-26 ) 1 Hoba Jesu a kgutlele Kaperenauma kamora matsatsinyana, ha utlwahala hore o teng hae. 2 Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe. 3 Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane, 4 mme kaha ba ne ba sitwa ho mo tlisa pela hae ka baka la letshwele, ba phunya marulelo a ntlo malebana le moo Jesu a neng a le teng. Ha ba se ba a phuntse, ba lepeletsa diphate tseo motho ya shweleng ditho a robetseng ho tsona. 5 Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.” 6 Ho ne ho ena le Ditsebi tsa Molao tse neng di dutse moo, mme tsa ipotsa, tsa re: 7 “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?” 8 Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee? 9 Ho bonolo ke hofe, ho re ho ya shweleng ditho: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?’ 10 Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho ya shweleng ditho, 11 “ke re ho wena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, mme o ye hae.” 12 Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!” Jesu o bitsa Levi ( Mat. 9:9-13 ; Luka 5:27-32 ) 13 Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta. 14 Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela. 15 Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse. 16 Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?” 17 Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.” Potso ka tsa ho itima dijo ( Mat. 9:14-17 ; Luka 5:33-39 ) 18 Barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba itima dijo. Batho ba tla, mme ba re ho Jesu: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, empa barutuwa ba hao ba sa itime?” 19 Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo. 20 Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, mme mohlang oo ba tla itima dijo. 21 “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha. 22 Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!” Barutuwa ba kga matshohlo ka Sabatha ( Mat. 12:1-8 ; Luka 6:1-5 ) 23 Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya. 24 Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?” 25 A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang; 26 kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?” 27 A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha. 28 Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa