Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Mareka 11 - BIBELE


Jesu o kena Jerusalema
( Mat. 21:1-11 ; Luka 19:28-40 ; Joh. 12:12-19 )

1 Ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma ba babedi ba barutuwa ba hae,

2 a re ho bona: “Eyang motsaneng o kapele ho lona, mme hanghang ha le kena ho wona, le tla fumana petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho le ka mohla. Le e lokolle, le e tlise.

3 Ha motho a ka re ho lona: ‘Keng ha le etsa tjee?’ ereng: ‘Morena o a e hloka, mme o tla e kgutlisetsa kwano kapelepele!’ ”

4 Ba ya, mme ba fumana petsana e holehilwe, kantle, pela monyako, tseleng ya motse, mme ba e lokolla.

5 Batho ba bang ba neng ba eme moo ba re ho bona: “Le etsang na, ha le lokolla petsana eo?”

6 Ba ba araba jwalokaha Jesu a ne a ba laetse, mme bona ba ba tlohela, ba tsamaya.

7 Yaba ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme a e palama.

8 Jwale ba bangata ba ala diaparo tsa bona tseleng, ba bang ba rema mahlaku naheng, mme ba a ala tseleng.

9 Ba neng ba mo eteletse pele le ba neng ba etla kamorao, ba howa, ba re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!

10 Ho bokwe mmuso o tlang wa ntata rona Davida! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”

11 Yaba Jesu o kena Jerusalema, ka Tempeleng; hoba a qamake kahohle, kaha e ne e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.


Jesu o rohaka sefate sa feiye
( Mat. 21:18 , 19 )

12 Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile.

13 A sa le hole, a bona sefate sa feiye se nang le mahlaku, mme a ya sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho haese mahlaku feela, hobane e ne e se nako ya difeiye.

14 A bua, a re ho sona: “Ho se hlole ho eba le ya ka jang tholwana tsa hao le ka mohla!” Barutuwa ba hae ba mo utlwa ha a rialo.


Jesu o hlwekisa Tempele
( Mat. 21:12-17 ; Luka 19:45-48 ; Joh. 2:13-22 )

15 Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu a kena ka Tempeleng, mme a qala ho phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete, le ditulo tsa ba rekisang maeba,

16 mme a se ke a dumella motho ho feta ka Tempeleng a jere letho.

17 A ruta, a re ho bona: “Ana ha ho a ngolwa, ha thwe: “ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo eo e leng ya ditjhaba tsohle’? Empa lona le e entse ‘lehaha la dinokwane!’ ”

18 Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae.

19 Yare ha e eba mantsiboya, Jesu le barutuwa ba hae ba tswela kantle ho motse.


Thuto ka sefate sa feiye se omeletseng
( Mat. 21:20-22 )

20 Ha ba feta kameso, ba bona sefate sane sa feiye se omeletse ho tloha metsong.

21 Petrose ha a hopola, a re ho Jesu: “Moruti, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse!”

22 Jesu a ba araba, a re: “Ebang le tumelo ho Modimo.

23 Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.

24 Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.

25 Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.

26 Athe ha le sa tshwarele, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.”


Kgang hodima matla a Jesu
( Mat. 21:23-27 ; Luka 20:1-8 )

27 Ba boela ba tla Jerusalema. Yare ha a ntse a tsamaya ka Tempeleng, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba tla ho yena,

28 mme ba re ho yena: “Ke ka matla afe o etsang dintho tsee? Hona matla a ho di etsa, o a neilwe ke mang?”

29 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Le nkarabe, mme ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.

30 Na kolobetso ya Johanne e ne e etswa lehodimong kapa bathong? Nkarabeng!”

31 Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, ‘E ne e etswa lehodimong,’ o tla re, ‘Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?’

32 Empa ha re ka re, ‘E ne e etswa bathong,’ ” ba ne ba tshaba letshwele, hobane bohle ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta wa sebele.

33 Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” Jesu a re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan