Mareka 1 - BIBELEThuto ya Johanne Mokolobetsi ( Mat. 3:1-12 ; Luka 3:1-18 ; Joh. 1:19-28 ) 1 Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo. 2 Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe: “Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela. 3 Lentswe la ya howang feelleng, le re: ‘Lokisang mmila wa Morena, le otlolle ditsela tsa hae!’ ” 4 Ha fihla Johanne a kolobeletsa feelleng, a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe. 5 Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. 6 Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha. 7 A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae. 8 Ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.” Jesu o a kolobetswa ( Mat. 3:13-17 ; Luka 3:21 , 22 ) 9 Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne. 10 Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba, 11 mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.” Jesu o a lekwa ( Mat. 4:1-11 ; Luka 4:1-13 ) 12 Yaba Moya o mo kgannela feelleng, 13 mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa. Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea ( Mat. 4:12-17 ; Luka 4:14 , 15 ) 14 Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo, 15 a re: “Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.” Jesu o bitsa batshwasi ba bane ba ditlhapi ( Mat. 4:18-22 ; Luka 5:1-11 ) 16 Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi. 17 Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” 18 Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela. 19 Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa. 20 Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao. Motho ya nang le moya o ditshila ( Luka 4:31-37 ) 21 Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta. 22 Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao. 23 Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla, 24 a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!” 25 Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” 26 Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena. 27 Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!” 28 Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea. Jesu o fodisa batho ba bangata ( Mat. 8:14-17 ; Luka 4:38-41 ) 29 Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne. 30 Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu. 31 Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa. 32 Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona, 33 mme motse wohle wa bokana monyako. 34 A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang. Jesu o a ruta ( Luka 4:42-44 ) 35 Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng. 36 Simone le ba neng ba ena le yena ba mmatla; 37 ba mo fumana, mme ba re ho yena: “Bohle ba ntse ba o batla.” 38 A re ho bona: “A re yeng nqe nngwe metseng e ka mathoko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.” 39 A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona. Jesu o fodisa molepera ( Mat. 8:1-4 ; Luka 5:12-16 ) 40 Molepera a tla ho yena, a kgumama, a mo rapela, a re ho yena: “Ha o rata, o ka ntlhwekisa.” 41 Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!” 42 Hanghang lepera la mo tlohela, mme a hlweka. 43 Jesu a mo laya ka thata, a nto re a tlohe hanghang, 44 mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.” 45 Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa