Malakia 2 - BIBELEBaprista ba a lauwa 1 “Jwale lona baprista ke a le laya. 2 Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle! 3 “Ke tla timetsa ditloholo tsa lona, ke le phare mahlong ka moswang wa mahlabelo a lona a mekete; le be le lahlelwe le wona kantle. 4 Kahoo le tla tseba hore ke nna ya le neileng taelo e le hore selekane sa ka le Levi se se ke sa fela,” ho rialo Morena wa mabotho. 5 “Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba. 6 O ile a ruta thuto ya nnete, a se ke a bua leshano. A tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, mme a sokolla ba bangata sebeng. 7 “Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho. 8 Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho. 9 “Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.” Setjhaba ha se tshepahale ho Modimo 10 Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi? 11 Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang. 12 Mang kapa mang ya etsang tsena Morena a ke a mo leleke setjhabeng sa Iseraele, leha a ka tlisa dinyehelo ho Morena wa mabotho. 13 Hapehape le etsa tjena: Le a lla, le a bokolla, le kolobisa aletare ya Morena wa mabotho ka dikgapha, hobane Morena a hana ho tadima dinyehelo tsena, leha e le ho amohela dimpho tseo le mo etsetsang tsona. 14 Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao. 15 Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka. 16 “Ke hloile tlhalano,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele; “ke hloile ha monna a etsetsa mosadi wa hae sehloho se jwalo. Hlokomela hore o se fetohele kano ya hao ya ho tshepahala ho mosadi wa hao,” ho rialo Morena wa mabotho. Letsatsi la kahlolo le haufi 17 Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa