Luka 9 - BIBELEThomo ya ba leshome le metso e mmedi ( Mat. 10:5-15 ; Mat. 6:7-13 ) 1 Jesu a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le taolo hodima bademona bohle le matla a ho fodisa malwetse, 2 a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang, 3 a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong. 4 Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le dule teng, ho fihlela le tloha. 5 Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.” 6 Hoba ba tlohe, ba ya le metse ba ntse ba bolela molaetsa o molemo, ba fodisa kahohle. Heroda o a tsieleha ( Mat. 14:1-12 ; Mar. 6:14-29 ) 7 Morena Heroda a utlwa tsohle tse etsahalang, mme a tsieleha hobane ba bang ba ne ba re, Johanne o tsositswe bafung, 8 ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo. 9 Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona. Jesu o fepa ba kete tse hlano ( Mat. 14:13-21 ; Mar. 6:30-44 ; Joh. 6:1-14 ) 10 Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida. 11 Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa. 12 Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.” 13 A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!” Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!” 14 E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano. A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.” 15 Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle. 16 Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. 17 Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng. Petrose o bolela hore na Jesu ke mang ( Mat. 16:13-19 ; Mar. 8:27-29 ) 18 Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?” 19 Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.” 20 A re ho bona: “Empa lona le re ke mang?” Petrose a araba, a re: “O Kreste wa Modimo.” Jesu o porofeta lefu le tsoho ya hae ( Mat. 16:21-28 ; Mar. 8:30 — 9:1) 21 A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona, 22 a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.” 23 Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele. 24 Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa. 25 Ebe motho a ka boellwa keng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae, kapa a timela? 26 Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang. 27 Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.” Tshobotsi ya Jesu e a fetoha ( Mat. 17:1-13 ; Mar. 9:2-13 ) 28 Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela. 29 Ha a ntse a rapela, a fetoha tshobotsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya. 30 Bonang, banna ba babedi, bao e neng e le Moshe le Elia, ba ne ba buisana le yena, 31 ba iponahatsa tlotleng, ba bua ka lefu la hae leo a seng a tla le shwa Jerusalema. 32 Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena. 33 Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang. 34 A re a sa rialo, ha tla leru, mme la ba kgurumetsa; ba tshoha ha ba kena lerung. 35 Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!” 36 Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng. Phodiso ya moshanyana ya nang le moya o ditshila ( Mat. 17:14-20 ; Mar. 9:14-27 ) 37 Ka le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwelehadi la kgahlanyetsa Jesu. 38 Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi. 39 Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse. 40 Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba hlotswe.” 41 Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!” 42 A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae. 43 Bohle ba tsota boholo ba Modimo. Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: Jesu o porofeta lefu la hae hape ( Mat. 17:22 , 23 ; Mar. 9:30-32 ) 44 “Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.” 45 Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo. E moholo ke mang? ( Mat. 18:1-5 ; Mar. 9:33-37 ) 46 Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang. 47 Jesu, ka ho tseba menahano ya pelo tsa bona, a nka ngwana, a mo emisa pela hae, 48 a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.” Ya sa le lwantsheng o eme le lona ( Mar. 9:38-40 ) 49 Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.” 50 Jesu a re ho yena: “Le se ke la mo thibela, hobane ya sa le lwantsheng o eme le lona.” Motse o mong wa Samaria o hana ho amohela Jesu 51 Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema, 52 mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa. 53 Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema. 54 Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?” 55 Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela. 56 Yaba ba ya motseng osele. Ba reng ba tla latela Jesu ( Mat. 8:19-22 ) 57 Ha ba le tseleng, e mong a re ho Jesu: “Ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.” 58 Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.” 59 A re ho e mong: “Ntatele!” Empa eo a re: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.” 60 Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.” 61 E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; feela ako ntumelle ke yo dumedisa ba lelapa la ka pele.” 62 Jesu a re ho yena: “Ya beang letsoho mohomeng, empa a hetla tse kamorao, ha a lokele Mmuso wa Modimo.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa