Luka 17 - BIBELEDipolelo tse ding tsa Jesu ( Mat. 18:6 , 7 , 21 , 22 ; Mar. 9:42 ) 1 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena. 2 Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng. 3 Itlhokomeleng! “Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. 4 Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: ‘Ke bakile,’ o mo tshwarele.” 5 Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.” 6 Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela. 7 “E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’ 8 Na a ke ke a mpa a re ho yena: ‘Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?’ 9 Na o ye a lebohe mohlanka hobane a entse tseo a di laetsweng na? 10 Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ” Phodiso ya balepera ba leshome 11 Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea. 12 Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana, 13 ba howeletsa, ba re: “Jesu, Monghadi, ako re utlwele bohloko!” 14 Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka. 15 Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng, 16 a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria. 17 Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae? 18 Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?” 19 Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.” Ho tla ha Mmuso wa Modimo ( Mat. 24:23-28 , 37-41 ) 20 Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang; 21 hape ho ke be ha thwe: ‘Bonang, o mona, kapa o mane!’ Mmuso wa Modimo o hara lona.” 22 A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona. 23 Ba tla re ho lona: ‘Bonang, o mane!’ kapa: ‘Bonang, o mona!’ Le se ke la ya, leha e le ho ba latela. 24 Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae. 25 Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona. 26 “Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho: 27 batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle. 28 “Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha. 29 Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle. 30 “Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona. 31 Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae. 32 Hopolang mosadi wa Lota. 33 Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa. 34 Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe; 35 basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe. 36 Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.” 37 Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa