Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Luka 14 - BIBELE


Phodiso ya monna ya nang le seema

1 Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.

2 Pela hae ho ne ho ena le monna e mong ya kgotsheng seema.

3 Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”

4 Ba kgutsa. Yaba o a mo nka, o a mo fodisa, mme a mo lokolla.

5 A re ho bona: “Na e ka ba mang ho lona, eo ekareng ha ho wetse mora wa hae kapa pholo ya hae sedibeng, a ke keng a ntsha mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabatha?”

6 Ba sitwa ho arabela ditaba tsena.


Thuto ho bamemuwa le momemi

7 Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona:

8 “Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe,

9 ebe ya le memileng o a tla, o re ho wena: ‘Suthela monna enwa sebaka,’ ebe moo o qalang ho ya dula ka dihlong tulong tse kamorao.

10 Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: ‘Motswalle, fetela ditulong tse kapele!’ ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena,

11 hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”

12 Yaba Jesu o re le ho ya mo memileng: “Ha o etsa mokete wa dijo tsa motsheare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, leha e le bana beno, leha e le bang ka wena, leha e le barui bao o ahisaneng le bona, esere le bona ba boela ba o mema, kgalapa tsa buseletsana.

13 Empa ha o etsa mokete, mema mafutsana, le dihole, le diritsa, le difofu,

14 mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”


Setshwantsho sa mokete o moholo
( Mat. 22:1-10 )

15 Yare ha e mong wa ba memilweng hammoho a utlwa ditaba tseo, a re ho yena: “Ho lehlohonolo ya tla ba moketeng wa dijo Mmusong wa Modimo!”

16 Jesu a re ho yena: “Motho e mong o ile a etsa mokete o moholo wa dijo tsa mantsiboya, mme a mema ba bangata.

17 A roma mohlanka wa hae ka nako ya mokete ho ya re ho bamemuwa: ‘Tloong, tsohle di lokisitswe.’

18 “Yaba bohle ba itatola ka bomong ka ho tshwana. Wa pele a re ho yena: ‘Ke rekile setsha, mme ke tlamehile ho ya se bona. Ke a o kopa, o ntatolele.’

19 “E mong a re: ‘Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o kopa, o ntatolele.’

20 “E mong hape a re: ‘Ke tswa nyala mosadi, mme nke ke ka tla ke hona.’

21 “Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: ‘Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa.’

22 “Mohlanka a re: ‘Monghadi, ke phethile taelo ya hao, feela ho sa na le sebaka.’

23 “Monga mohlanka a re ho yena: ‘Tswela ditseleng le meterong, o ba qophelle ba kene, hore ntlo ya ka e tle e tlale,

24 hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka.’ ”


Bothata ba ho ba morutuwa
( Mat. 10:37 , 38 )

25 Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona:

26 “Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

27 Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

28 “Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona?

29 Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,

30 ba re: ‘Monna enwa o qadile ho haha, empa o sitilwe ho qeta!’

31 “Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?

32 Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.

33 Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”


Letswai le tapileng
( Mat. 5:13 ; Mar. 9:50 )

34 “Efela letswai le molemo, empa ha letswai le tapa, le ka tswaifatswa kang?

35 Ha le sa na thuso bakeng sa mobu, leha e le bakeng sa moitedi. Le lahlelwa kantle. “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan