Levitike 18 - BIBELEMolao wa manyalo a sa dumellwang ( Dik. 10:28 ; Bar. 10:5 ; Bag. 3:12 ) 1 Morena a bua ho Moshe, a re: 2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona. 3 Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona. 4 Le latele ditaelo tsa ka, mme le boloke melao ya ka, e be yona e le tsamaisang. Ke nna Morena Modimo wa lona. 5 Le boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka. Ya di bolokang di tla mo phedisa. Ke nna Morena. 6 “ ‘Ho se be le ya mong wa lona ya tla kena dikobong tsa mosadi eo e leng seng le yena. Ke nna Morena. 7 “ ‘O se ke wa tlontlolla ntatao ka ho kena dikobong tsa mmao. Ke mmao, o se ke wa kena dikobong tsa hae. 8 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ntatao, hobane hoo ke ho tlontlolla ntatao. 9 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele. 10 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora hao, kapa tsa moradi wa moradi wa hao, hobane hoo ho tla o tlontlolla. 11 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mosadi wa ntatao, ya tswetsweng ke ntatao. Le yena ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa mo tlontlolla. 12 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa rakgadia hao, hobane yena le ntatao ke bana ba motho. 13 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao e motshehadi, hobane yena le mmao ke bana ba motho. 14 “ ‘O se ke wa tlontlolla ngwanabo ntatao ka ho kena dikobong tsa mosadi wa hae, hobane ke mosadi wa ngwanabo ntatao. 15 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwetsi ya hao. Ke mosadi wa mora wa hao, mme o se ke wa mo tlontlolla. 16 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ngwaneno, hobane hoo e ka ba ho tlontlolla ngwaneno. 17 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae. O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora wa hae, kapa tsa moradi wa moradi wa hae; hona ke ketso e manyala hobane ba tswalana le mosadi eo. 18 “ ‘O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela. 19 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae. 20 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa mohaeno, wa itshilafatsa ka yena. 21 “ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena. 22 “ ‘O se ke wa robala monna e mong jwalokaha o robala mosadi. Hona ke manyala. 23 “ ‘O se ke wa robala phoofolo, mme wa itshilafatsa ka yona. Mosadi a se ke a ipeketla kapele ho phoofolo hore e mo robale. Hona ke manyala a tshabehang. 24 “ ‘Le se ke la itshilafatsa ka dintho tsena tsohle, hobane ke ka tsona ditjhaba tseo ke di lelekileng kapele ho lona di ileng tsa itshilafatsa. 25 “ ‘Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona. 26 “ ‘Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona. 27 Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala. 28 Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona. 29 “ ‘Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. 30 Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa