Levitike 15 - BIBELELero le qhitsang botoneng 1 Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: 2 “Buang le bana ba Iseraele, le re ho bona: ‘Ha monna a ena le lero le qhitsang botoneng ba hae, lero leo le na le sesila. 3 Ha a ntse a ena le lero, sesila sa hae e tla ba sena: botona ba hae bo ka qhitsa lero, kapa bo ka thibana ke lero, o ntse a le sesila. 4 “ ‘Diphate tsohle tseo monna eo botona ba hae bo qhitsang lero a robalang ho tsona, di sesila; le eng kapa eng eo a dulang ho yona e sesila. 5 Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 6 Mang kapa mang ya dulang eng kapa eng e neng e dutswe ke monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 7 “ ‘Mang kapa mang ya amang mmele wa monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 8 “ ‘Haeba monna eo ya kulang a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, ya tshwetsweng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 9 “ ‘Qhana efe kapa efe eo monna eo ya kulang a palamang ka yona, e sesila. 10 Mang kapa mang ya amang ntho e neng e le katlasa hae, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang ntho ya mofuta o jwalo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 11 “ ‘Mang kapa mang eo monna ya kulang a mo amang ka matsoho a sa hatlelwang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 12 “ ‘Dijana tsa letsopa, tse amilweng ke monna ya kulang di tla pshatlwa, mme ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka lehong e tla hlatsuwa ka metsi. 13 “ ‘Ha monna enwa eo botona ba hae bo neng bo qhitsa lero a fola, o tla qeta matsatsi a supileng pele a ka hlwekiswa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, mme e tla ba o hlwekile. 14 Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista. 15 Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae. 16 “ ‘Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 17 Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana. 18 “ ‘Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.’ ” Lehatlelo 19 “ ‘Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. 20 “ ‘Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, le eng kapa eng eo a dulang hodima yona ha a ntse a le sesila, di tla ba le sesila. 21 Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 22 Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 23 Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. 24 “ ‘Ha monna a ka robala le yena, o tla nka sesila sa mosadi eo, mme o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Diphate tseo a ka robalang ho tsona, le tsona di tla ba sesila. 25 “ ‘Ha mosadi a eba le lehatlelo, empa e se ka nako ya lona, kapa haeba lehatlelo le nka nako e telele ho feta ya mehla, nakong eo le ntseng le tswela pele o tla ba sesila, jwalokaha a le sesila ka nako ya lehatlelo la hae. 26 Diphate dife kapa dife tseo a robalang ho tsona nakong ena ya lehatlelo di tla ba sesila, jwalokaha di ne di tla ba sesila nakong ya lehatlelo la hae. Setulo sefe kapa sefe seo a dulang ho sona se tla ba sesila jwaloka mohla nako ya lehatlelo la hae. 27 Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 28 “ ‘Ha lehatlelo lena le kgaoditse, o tla qeta matsatsi a supileng, mme kamorao ho moo o tla be a hlwekile. 29 Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. 30 Moprista o tla nyehela ka le leng, e le nyehelo e tlosang sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa ona moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo ya sebe ho Morena, ka baka la lehatlelo le ileng la mmakela sesila. 31 “ ‘Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.’ ” 32 Ona ke molao o etseditsweng monna ya qhitsang lero botoneng ba hae, kapa ya hoshotsang metsi a bonna, mme eba o ba sesila. 33 Ebile ke molao o etseditsweng mosadi ka nako ya lehatlelo la hae, kapa ya nang le seso se qhitsang. Ke molao o etseditsweng monna le mosadi, le o etseditsweng monna ya robalang le mosadi ya sesila. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa