KOLI-YA-MALLA 5 - BIBELEThapelo e kopang mohau 1 Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona! 2 Naha ya rona e hapilwe ke baditjhaba, melata e ikabile ka malapa a rona. 3 Re dikgutsanyana, bo-ntata rona ba shwele, bo-mma rona ba fetohile bahlolohadi. 4 Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete, patsi re e fumana ka ho e reka! 5 Baphaladisi ba rona ba re hateletse melala, re sebetsa ka thata, phomolo ha re e fumane. 6 Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe. 7 Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona. 8 Makgoba a fetohile babusi ba rona, ha ho ya re namolelang matsohong a wona. 9 Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng. 10 Letlalo la rona le ntshofetse sa sebopi, ka baka la ho phela hara sekoboto. 11 Ba ile ba beta basadi ba Sione, ba beta le barwetsana ba metse ya Juda. 12 Mahosana a ile a tshwarwa, a fanyehwa, baholo ba setjhaba ba rolelwa hlompho. 13 Bahlankana ba sebetsa ka thata, ba a sila, bashanyana ba sudubana tlasa mangata a patsi. 14 Maqheku ha a sa dula kgorong ya motse, batjha ba kgaoditse ho letsa makodilo. 15 Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi. 16 Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe. 17 Ka baka la tsena pelo tsa rona di nyahame, ka baka la tsena mahlo a rona a fifetse. 18 Kahobane thaba ya Sione e le feela, phokojwe di nyanyaka hara masupi a yona. 19 Wena Morena, o busa kamehla yohle, terone ya hao e hlomamiseditswe meloko yohle. 20 Ke ka baka lang o re lebalang kamehla? Ke ka baka lang o re furallang halelele? 21 Re kgutlisetse ho wena Morena, re tla kgutla, ntjhafatsa tshiu tsa rona di be jwaloka pele. 22 Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi? |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa