KOLI-YA-MALLA 4 - BIBELEMahlomola a Jerusalema 1 Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle! 2 Bara ba Sione, mokgetho o kgabane, bara bao bohlokwa ba bona e ne e ka ba kgauta, kajeno ba tshwana le pitsa tsa letsopa, ntho tse entsweng ke matsoho a sebopi! 3 Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata! 4 Leme la lesea le kgomarela mahalapeng, le kgomarela teng ka baka la lenyora; ba banyenyane ba sikila bohobe, empa ha ho ya ba neang le sengwathwana. 5 Ba kileng ba phela ka dimenyemenye, ba bolawa ke tlala hara diterata; ba neng ba apara tse mabokoboko, kajeno ba paqame dithotobolong. 6 Kotlo ya tjhaba sa heso e kgolo haholo, ho feta le ya Sodoma, e neng e timetswe ka ho panya ha ntshi, e sa timetswe ke letsoho la motho. 7 Mahosana a ne a phatsima ho feta lehlwa, bosweu ba wona bo feta le ba lebese, mmele e le mesehla ho feta mabenyane, bokgabane ba wona e ka ba majwe a safire. 8 Empa kajeno botsho ba wona bo feta ba mowa, le diterateng ha a sa tsejwa ke batho; letlalo la wona le manne hodima masapo, le omeletse, le se le ka lehong. 9 Ho lehlohonolo ba bolailweng ka sabole, ba lehlohonolo ho feta ba bolawang ke sekoboto, ba fellang dikobong ho fihlela ba eshwa, ka baka la ho hloka tse behwang ke naha. 10 Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa. 11 Morena o phethahaditse tsa kgalefo ya hae, bohale bo tlokomang ba hae o bo hlatsitse. O hoteditse mollo motseng wa Sione, wa tjhesa metheo ya motse wa Sione. 12 Dikgosi tsa lefatshe di ne di sa kgolwe, le baahi bohle ba lefatshe ba sa kgolwe, hore kgoro tsa motse wa Jerusalema di ka kenwa, tsa kenwa ke sera, tsa kenwa ke mofutuhi! 13 Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema. 14 Ba nnile ba lelera sa banna ba difofu, ba lelera hara diterata tsa motse; ba itshilafaditse ka madi haholo, hoo ho seng ya ka amang diaparo tsa bona. 15 “Suthang, le silafetse!” ho rialo setjhaba, “Suthang! Suthang! Le se ke la re ama!” Leha ba lelera hara baditjhaba, ha ho na moo ba fumaneng tjako teng! 16 Morena ka sebele o ba qhalantse, ha a ka ke a hlola a sa ba tsotella. Dira di roletse baprista hlompho, baholo ba setjhaba ha di sa ba natsa. 17 Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa! 18 Dira di disitse metsamao ya rona, re sitwa le ho tsamaya diterateng tsa rona. Bofelo ba rona bo se bo atametse, ditshiu tsa rona di se di badilwe, bofelo ba rona bo se bo fihlile. 19 Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata. 20 Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!” 21 Thabang, le nyakalle, lona baahi ba Edomo, lona ba ahileng naheng ya Use, le lona nyakallang! Senwelo sena se tla fetisetswa ho lona, le tahwe, le tsole, le sale le le feela! 22 Wena Sione, kotlo ya hao e tla fela, ha o ka ke wa hlola o iswa bothopuweng. Empa wena Edomo, o tla otlelwa bokgopo ba hao, dibe tsa hao Morena a di senole. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa