KOLI-YA-MALLA 2 - BIBELEMorena o otla Jerusalema 1 Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae. 2 Morena o timeditse diahelo tsa Jakobo, a di timetsa kaofela, mohau a se na wona; qhobosheane tsa Moradi wa Juda a di ripitla, a di ripitla, kgalefo ya hae e ntse e tlokoma; mmuso wa teng a o tlontlolla, a o tlontlolla le babusi ba wona. 3 Naka la Iseraele o le robile, a le roba kgalefo ya hae e tlokoma; tsoho la hae le letona, le matla, a le honyetsa ha sera se futuha. A halefela Jakobo sa mollo o malakabe, o malakabe, o timetsang kahohle. 4 O hutse seqha sa hae jwaloka sera, o eme sa mohlabani, tsoho le letona le phahame; bohle ba kgahlang mahlo a ba bolaya. Kgalefo ya hae e tukang malakabe, a e theolela hodima tente ya Sione. 5 Morena o ka sera sa rona, Iseraele o e ripitlile, a ripitla matlo wohle a dikgosi tsa yona. Qhobosheane tsa yona a di heletsa, a atisa bofifi le dillo tsa Moradi wa Juda. 6 O runtsolotse Tempele ya hae, a e runtsolla sa lephephe tshimong, sebaya sa hae sa diphutheho a se ripitla. Morena o entse hore Sione e lebale, e lebale matsatsi a mekete, e lebale le Disabatha; ha kgalefo ya hae e tuka malakabe, a nyedisa kgosi le yena moprista. 7 Morena o lahlile aletare ya hae, Sehalalelo sa hae le sona a se furalla; marako a matlo a kgosi tsa Sione o neelane ka wona matsohong a dira; ka tlung ya Morena dira di entse lerata, lerata le kang la mohla tsatsi la mokete. 8 Morena o sa entse qeto ya ho heletsa, ya ho heletsa marako a Moradi wa Sione; kgwele ya ho lekanya o se a e otlolotse, ha a a ka a honyetsa tsoho la hae ha le timetsa. A etsa hore metero le marako di lle, bobedi ba tsona a di heletsa. 9 Dikgoro tsa Sione di kwahetswe ke mobu, mekwallo ya tsona o e robakile dikotwana; kgosi le mahosana ke bathopuwa hara baditjhaba, ke bathopuwa ba leng moo ho sa rutweng Molao; baporofeta ba Sione ha ba sa bona dipono, pono tse tswang ho Morena. 10 Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe. 11 Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse. 12 Bana ba llela bo-mma bona, ba re: “Dijo di hokae, dino tsona di hokae?” Ba rialo ba akgeha sa batho ba mahlatsipa, ba akgeha ba le diterateng tsa motse, bophelo ba bona bo fela kahanyane, bo fela bo-mma bona ba ba sikile ka matsoho. 13 Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola? 14 Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa. 15 Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla, ba opa diatla ha ba o bona; ba letsa molodi, dihlooho ba a di thukutha, ba soma Moradi wa Jerusalema, ba re: “Na motse oo ke wona o no le motlemotle, o no thabisa lefatshe lohle?” 16 Dira tsa hao di o bebenyetsa melomo, di a o soma, di o tsikitlanyetsa meno, di re: “Re timeditse Jerusalema! Lena ke lona tsatsi leo esale re le emela, le fihlile, re bile re le bone!” 17 Morena o entse seo a neng a se rerile, polelo tsa hae o di phethahaditse, polelo tse neng di bolelwe mehleng ya kgale; o o timeditse a se na mohau, a etsa hore o tlakwe ke dira tsa hao, ba o lwantshang a ba matlafatsa. 18 Pelo tsa setjhaba di ipiletsa ho Morena, wena Jerusalema, Moradi wa Sione, keledi tsa hao a di ke di phalle jwaloka noka, di phalle motsheare, di phalle le bosiu; o se ke wa ipha sebaka sa ho phomola, mahlo a hao le wona a se ke a phomola. 19 Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle. 20 “Oho, Morena, bona, ako inahane: Eo o kila mo etsa tjee ke mang? Na basadi ba lokela ho ja masea a bona, ba je bana bao ba ba hodisitseng? Na moprista le moporofeta ba lokela ho bolawa, ba bolaelwa ka Sehalalelong, Halalelong sa Morena? 21 Batjha le maqheku ba rapaletse mmoho, ba rapaletse diterateng, ba rapaletse hara lerole; bahlankana le barwetsana ba ka ba shwele, ba eshwa ke ho bolawa ka sabole. O ba bolaile mohla o no halefile, wa ba bolaya le mohau o se na wona. 22 O bitsitse dira tsa ka ka nqa tsohle, wa di bitsa eka o di bitsetsa moketeng. Ka tsatsi leo o no halefile ka lona, Morena, ha ho le ya mong ya kila phonyoha, ha ho le ya mong ya kila sala! Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa, bohle ba timeditswe ke sera sa ka!” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa