KOLI-YA-MALLA 1 - BIBELEMahlomola a Jerusalema 1 Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane! 2 Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae. 3 Ka baka la ditlhoriso le ho sebediswa ka thata, Juda e isitswe bothopuweng. Juda e phela kahara baditjhaba, e hloka le sebaka sa ho phomola. Bahlorisi ba yona bohle ba e tsomeditse, ba e tsometsa e le makaqabetsing. 4 Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo. 5 Ba lwantshang Sione e se le babusi ba yona, dira tsa yona di dutse ka boiketlo. Morena o tliseditse Sione matshwenyeho, ka baka la dibe tsa yona bongata. Bana ba yona ba isitswe bothopuweng, ba thopilwe ke ba neng ba ba lwantsha. 6 Botle bohle bo se bo hlakohile, bo hlakohile ho Moradi wa Sione; mahosana a hae a ka dikgama, a ka dikgama di sitwa ho fumana lekgulo; di baleha di se di kenwe ke mokgathala, di baleha bamanakisi ba tsona. 7 Nakong ya matshwenyeho a yona le ya ho lelera, Jerusalema e hopola matlotlo, matlotlo a yona wohle, ao e ne e le a yona mehleng ya kgalekgale. Ha tjhaba sa yona se wela matsohong a dira, ha ho a ba le ya kileng a e thusetsa. Dira tsa yona di ile tsa e sheba, tsa etsa metlae ka ho timetswa ha yona. 8 Jerusalema e sitilwe haholo, ka baka leo, e silafetse, bohle ba neng ba e hlompha, ba a e nyedisa, ba e nyedisa hobane ba e bonetse. E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo, e a reteleha, e ipata sefahleho. 9 Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!” 10 Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao. 11 Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!” 12 “Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae? 13 Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle. 14 “Dibe tsa ka tsohle Morena o a di tseba, ka tsoho la hae a di loha, tsa etsa thapo, molaleng wa ka a di tlama jwaloka joko, boima ba tsona ba mphokodisa haholo. Morena o neelane ka nna ho dira tsa ka, a nnea bao nke keng ka ba lwantsha. 15 Dinatla tsa ka tsohle tse neng di mpotile, kaofela ha tsona Morena o di phetshetse; o mmemetse lebotho ho tla mphutuhela, le mphutuhele, tjhatjha ya ka le e pidile. Morena o tlabiketse morwetsana, Moradi wa Juda, a mo tlabikela sa morara setlhotlelong. 16 “Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.” 17 Sione e phakaladitse matsoho a yona, empa ya ka e tshedisang yena ha a yo. Malebana le Jakobo, Morena o entse taelo: Dira tsa hae di mo etsetse sakana-la-nkope. Jerusalema e fetohile manyala, Jerusalema e silafetse. 18 “Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng! 19 Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa. 20 Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela! 21 Batho ba utlwile mefehelo ya ka, empa ha ho na motho ya ntshedisang. Dira tsa ka tsohle di utlwile tsietsi ya ka, di nyakaladitswe ke ketso ena ya hao. Potlakisa tsatsi le boletsweng ke wena, dira tsa ka di tle di tshwane le nna. 22 Bokgopo ba dira tseo bo pepesehe ho wena, le tsona kotlo ya tsona di e fumane, o di otle jwalokaha le nna o nkotlile, o nkotla ka baka la dibe tsa ka tsohle. Mefehelo ya ka e mengata haholo, pelo ya ka le yona e nyahame.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa