Johanne 9 - BIBELEPhodiso ya sefofu sa tswalo 1 Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu. 2 Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: “Rabbi, ya entseng sebe ke mang? Ke yena, kapa batswadi ba hae, ha e le moo a tswetswe a foufetse?” 3 Jesu a araba, a re: “Hase yena ya entseng sebe leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahale ho yena. 4 Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang. 5 Ha ke ntse ke le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.” 6 Ha a buile tsena, a tshwela fatshe, a duba seretse ka mathe, a tlotsa mahlo a sefofu ka sona, 7 mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona. 8 Jwale ba ahisaneng le sona le ba se boneng pele e le mokopi, ba re: “Na hase yena ya neng a dula fatshe a kopa?” 9 Ba bang ba re: “Ke yena.” Ba bang ba re: “Tjhe, o mpa a tshwana le yena.” Yena a re: “Ke nna.” 10 Jwale ba re ho yena: “Mahlo a hao a tutubolohile jwang?” 11 Yena a araba, a re: “Motho ya bitswang Jesu o ile a duba seretse, a tlotsa mahlo a ka, a re ho nna: ‘Eya Silowame, o iphotle;’ ka ya, ka iphotla, ka bona.” 12 Ba re ho yena: “O kae?” A re: “Ha ke tsebe.” Bafarisi ba batlisisa tsa phodiso 13 Ba isa ya neng a foufetse ho Bafarisi. 14 Letsatsi leo Jesu a neng a dube seretse ka lona, a tutubolla mahlo a hae, e ne e le la Sabatha. 15 Bafarisi ba mmotsa hape hore na o foufolohile jwang. A re ho bona: “O ile a tlotsa mahlo a ka ka seretse; ka ya iphotla, mme ka bona.” 16 Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona. 17 Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?” Sa re: “Ke moporofeta.” 18 Bajuda ha ba a ka ba dumela hore o ne a foufetse, mme jwale o foufolohile, ho fihlela ba bitsa batswadi ba ya ileng a foufoloha. 19 Ba ba botsa, ba re: “Na eo ke mora wa lona, eo le reng o tswetswe a foufetse? O bona jwang jwale?” 20 Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: “Re a tseba hore enwa ke mora wa rona, le hore o tswetswe a foufetse, 21 empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.” 22 Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong. 23 Ka lebaka lena, batswadi ba hae ba re: “O se a le moholo, mmotseng.” 24 Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.” 25 A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.” 26 Yaba ba re ho yena: “O ile a etsang ho wena? O ile a o tutubolla mahlo jwang?” 27 A ba araba, a re: “Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela; le rata ho utlwa hape ka baka lang? Na le lona le rata ho fetoha barutuwa ba hae?” 28 Ba mo hlapaola, ba re: “Ke wena morutuwa wa hae, rona re barutuwa ba Moshe; 29 re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.” 30 Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo. 31 Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa. 32 Ha ho eso ka ho utlwahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ya tswetsweng e le sefofu. 33 Ha motho enwa a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a etsa letho.” 34 Ba araba, ba re ho yena: “O tswetswe o le moetsadibe ka ho tlala, empa jwale o a re ruta?” Yaba ba a mo tebela. Bofofu ba moya 35 Jesu a utlwa hore ba mo tebetse. Ha a mo fumana, a re ho yena: “Na o dumela ho Mora Motho?” 36 Yena a mmotsa, a re: “Ekaba ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena?” 37 Jesu a re ho yena: “O mmone, ebile ke yena ya buang le wena.” 38 A re: “Ke a dumela, Morena,” mme a mo kgumamela. 39 Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.” 40 Bafarisi ba nang le yena ba utlwa tsena, mme ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?” 41 Jesu a re ho bona: “Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe, empa jwale le re: ‘Re a bona;’ ka hona sebe sa lona ha se hlakolwe.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa