Johanne 4 - BIBELEJesu le mosadi wa Samaria 1 Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne. 2 Feela Jesu ka sebele sa hae o ne a sa kolobetse, empa ho kolobetsa barutuwa ba hae. 3 Jesu a tloha Judea, a boela a ya Galelea. 4 O ne a tshwanetse ho haola ka la Samaria. 5 A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a neng a e nee mora wa hae Josefa. 6 Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare. 7 Mosadi wa Mosamaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Ako mphe, ke nwe.” 8 Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo. 9 Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria. 10 Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.” 11 Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae? 12 Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?” 13 Jesu a mo araba, a re: “E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla nyorwa hape; 14 athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.” 15 Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ako mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyorwa, leha e le ho tla kga mona.” 16 Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.” 17 Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: ‘Ha ke na monna,’ 18 hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.” 19 Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta. 20 Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.” 21 Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema. 22 Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda. 23 Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela. 24 Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.” 25 Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.” 26 Jesu a re ho yena: “Ke nna ya buang le wena.” 27 Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?” 28 Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, o ya motseng, o re ho batho: 29 “Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?” 30 Ba tswa motseng, ba tla ho yena. 31 Barutuwa ba sala ba mo kopa, ba re: “Rabbi, ako je.” 32 Empa a re ho bona: “Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.” 33 Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?” 34 Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae. 35 Ha ke re le ye le re: ‘Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo?’ Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo. 36 Mokotudi o se a amohela moputso, mme dijo o di bokellela bophelo bo sa feleng, hore mojadi a thabe hammoho le mokotudi. 37 Ke moo polelo ena e tla netefala: E mong o a jala, e mong o a kotula. 38 Ke le romile ho kotula seo le sa kang la se sebetsa; ba bang ba sebeditse, mme lona le ja mofufutso wa bona.” 39 Ba bangata ba Basamaria ba motse oo ba dumela ho yena ka baka la polelo ya mosadi ya ileng a paka, a re: “O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.” 40 Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a hlole le bona; a hlola teng matsatsi a mabedi. 41 Ba bangata ho feta ba dumela ka baka la polelo ya hae. 42 Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.” Jesu o fodisa mora wa letona ( Mat. 8:5-13 ; Luka 7:1-10 ) 43 Kamora matsatsi ao a mabedi a tloha teng, a ya Galelea, 44 hobane Jesu ka sebele sa hae o ile a bolela hore moporofeta ha a hlomphuwe ha habo. 45 Ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, hobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng moketeng, Jerusalema; kaha le bona ba ne ba ile moketeng. 46 A boela a ya Kana e Galelea, moo a neng a fetole metsi veine teng. Hona moo ho ne ho ena le letona le leng, leo mora wa lona a neng a kula, Kaperenauma. 47 Ha le utlwa hore Jesu o fihlile Galelea a etswa Judea, la tla ho yena, la mo kopa hore a theohe, a yo fodisa mora wa lona, hobane o ne a le makgatheng a ho shwa. 48 Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.” 49 Letona la re ho yena: “Monghadi, ako theohe hle, ngwana wa ka a eso shwe.” 50 Jesu a re ho lona: “Eya, mora wa hao o phetse.” Monna eo a dumela polelo eo Jesu a mmoleletseng eona, mme a ikela. 51 Ha a ntse a theoha, bahlanka ba hae ba mo kgahlanyetsa, ba re: “Mora wa hao o phetse.” 52 A ba botsa nako eo a qadileng ho thuseha ka yona; ba re ho yena: “Maobane, ka hora ya pele motsheare, feberu e ile ya mo tlohela.” 53 Jwale ntata ngwana a tseba hore ke ka yona nako eo Jesu a itseng ho yena: “Mora wa hao o phetse,” mme a dumela, le ba ntlo ya hae kaofela. 54 Mohlolo ona wa bobedi Jesu o o entse Galelea a etswa Judea. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa