Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 9 - BIBELE


Matla a Modimo le bofokodi ba motho

1 Jobo a araba, a re:

2 “Ruri ke a tseba, ho fela ho le jwalo; motho a ka loka jwang mahlong a Modimo?

3 Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe.

4 Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?

5 Hanghang o suthisa dithaba, ha a halefile a di phethole.

6 O sisinya lefatshe madulong a lona, ditshiya tsa lona di be di reketle.

7 O laela letsatsi, le se ke le tjhaba, a ba fifatse kganya ya dinaledi.

8 Ke yena ya sarolotseng mahodimo, a a sarolla a le mong, a tsamaya le hodima maqhubu, maqhubu a Lewatle;

9 a etsa Bere e Kgolo, le Makolobe, le Selemela, a etsa le molala ka borwa ho lehodimo.

10 O etsa dikgolo tse fetang tlhalohanyo ya motho, o etsa dimakatso tse ke keng tsa balwa.

11 “Ha a feta pela ka ha nke be ke mmone, ha a itsamaela le teng ha ke lemohe.

12 Ha a inkela, a ka thibelwa ke mang? Ke mang ya ka reng ho yena: ‘Jwale o etsa jwang?’

13 Modimo ha a halefile eba o halefile, mahlahana a Rahaba a tjapaletse maotong a hae.

14 “Jwale nna ekaba nka mo arabisa jwang? Mantswe a dikgang ke a kgethe jwang?

15 Leha ke se na molato ke ne nke ke ka mo araba, haese feela ho kopa mohau ho Moahlodi wa ka.

16 Leha nka mo isa kgotla, yaba o a tla, ha ke dumele a ka ntshekehela tsebe.

17 A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa, a nkekeletsa maqeba ho se lebaka.

18 A ke ke a ntumella ka phefumoloha, a ka ntshithabetsa ka tse bohloko.

19 Haeba ho uwa ka matla, Yena ke seqhobane! Haeba ho uwa ka toka, yena o tla qoswa ke mang?

20 Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato.

21 “Le hoja ke se na kodi, ke se ke itenne; ke nyedisa bophelo ba ka, ke a bo nyatsa.

22 Ke ditshwantshwang feela; ke ka hona ke reng: ‘O timetsa ba lokileng le ba kgopo.’

23 Ha kotlo e bolaya ka ho tsometsa, O tla tsheha ha ba otlwa ba se molato.

24 Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?

25 “Tshiu tsa ka di lebelo ho feta semathi, di baleha di eso bone molemo;

26 di fefoha jwaloka sekepe sa lehlaka, jwaloka ntsu ha e ubella phofu ya yona.

27 Ha nka re: ‘Ke tla lebala pelaelo tsa ka,’ fahleho sa ka se tla ela, ke bobothehe.

28 Tlokotsi tsa ka tsohle ke a di tshaba, ke a tseba o ke ke wa re ha ke molato.

29 Kaha ke fumanwe ke le molato, ke hobaneng ha ke sebeletsa lelea?

30 Leha eba nka itlhatswa ka lehlwa, ka sesepa matsoho a ka ka a hatlela,

31 wena o tla nkakgela ka tebetebeng, aparo tsa ka le tsona di be di nnyonye!

32 “Modimo hase motho jwaloka nna, ka hona nke ke ka ba ka mo araba, fahleho bobedi tsa thulana re le ka kgotla.

33 Hoja pakeng tsa rona mmoelanyi o teng, a sebedisa matla a hae hodima rona;

34 thupa Modimo e ke e shape fatshe, kgalefo ya hae e se ke ya ntshosa;

35 ke bue ka bolokolohi ke se ne tshabo, athe hona jwale nna ke tletswe ke tshabo.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan