Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 8 - BIBELE


Biledade o re Jobo o loketswe ke kotlo

1 Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:

2 “O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo!

3 Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?

4 Haeba bara ba hao ba mo sitetswe, o ba otlile ho ya ka ho sitwa ha bona.

5 Haeba o ka fela wa batla Modimo, wa ithapella ho Ya Matla wohle;

6 haeba o hlwekile, mme o lokile, ruri le yena o tla o hlokomela, lapa la hao a le tsose e le sesupo sa ho loka ha hao.

7 Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.”


Ya furallang Modimo o tla timela

8 “Ako fuputse ho meloko ya pele, o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona.

9 Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.

10 Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona.

11 “Na lodi le ka mela ho se na mokgwabo, lehlaka la ata ho se na mohlaka?

12 Ha le sa helwe le sa le letalana, le pona pele jwang bo omella.

13 Tsela tsa bohle ba lebalang Modimo di jwalo, letshepa la ya kgopo le fela jwalo;

14 tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo;

15 o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe.

16 O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle.

17 Metso ya sona e rarahana hara qubu ya majwe, e itshwarella hodima matlapa.

18 Ha se fotholwa bakeng seo, baka seo se tla latola, se re: ‘Nna ha ke o tsebe!’

19 Bophelo ba sona bo fela jwalo, mela tse ding di mela hape mobung oo.

20 “Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo;

21 o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo.

22 Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan