Jobo 7 - BIBELEJobo o a tsieleha 1 “Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa, 2 a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso; 3 nna lefa la ka ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea, ke abetswe masiu a mokgathala. 4 Kamehla ha ke robala ke a ipotsa: ‘Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe?’ Empa siu bo bolelele, bo a tosa, ke hlobaela jwalo ho fihlela mafube a hlaha. 5 Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu. 6 Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla. 7 “Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape. 8 Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo! 9 Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha; 10 ha a ke ke a kgutla, a kgutlela lapeng la hae, tulo tsa hae di sala di le feela, a ke ke a hlola a dula tulong tsa hae. 11 Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile. 12 “Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa? 13 Ha ke re: Phate tsa ka ke tsona tse tla ntshedisa, moalo wa ka o nthethefatse ho komakoma, 14 wena Modimo, o ntshosa ka ditoro, ka dipono o mpakela ho thothomela; 15 kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane. 16 Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane! 17 “Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale? 18 Kamehla hoseng o a mo hlahloba, kamehla motsotso ha o fete o sa mo leke. 19 O tla kgaotsa neng ho ntjamela, o ko mphe tshweya, ke metse mathe? 20 Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne? 21 Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa