Jobo 5 - BIBELE1 “Meketsa, Jobo! O a arabelwa ke mang? Hara mangeloi o tla ipiletsa ho mang? 2 Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona. 3 Ke bone thoto se mela, methapo ya sona e nama; ha ntshi e panya, leaho la sona la newa thohako. 4 Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela; 5 kotulo ya sona e jewa ke ya lapileng a ituletse, a e honyolle leha e le kahara meutlwa, batupi bona ba nyoretswe leruo la sona. 6 Lerole hase lona mohlodi wa ditlokotsi, tsietsi ha di ke di ropoha di hlaha fatshe; 7 motho ditsietsi o tswalwa a di apere, seka tetema e qhomisetsa ditlhase hodimo.” Elefase o re Jobo a ipiletse ho Modimo 8 “Hoja ke wena nka be ke ipiletsa ho Modimo, kapele ho Modimo ke ipeha ka taba ya ka; 9 yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane. 10 Lefatshe o le nesetsa pula, pula ya ditlwebelele, metsi a phutsalle, a tlale dithota kahohle; 11 ba eisehang a ba hlwesetse hodima ditlhoro, ba bofifing bona a ba tshedise. 12 O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho; 13 ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela. 14 Ba aparelwa ke lefifi tsatsi le ba tjhabetse, ere tadi e anyesa ba phothasele seka bosiu. 15 Modimo o namolela mafutsana puong tse hlabang, a a lopolle matsohong a ba dikgoka; 16 kahoo mafutsana a ruile letshepa, molomo wa bokgopo o a kwaleha, o didimale.” Kgalemo ya Modimo e tlisa lehlohonolo 17 “Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema. 18 Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa; 19 o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama. 20 Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale. 21 O tla sireletswa puong tsa monyefodi, timelo o ke ke wa e tshaba ha e fihlile; 22 o tla tsheha timelo le sekoboto, batana tsa fatshe lena o ke ke be wa di tshaba. 23 Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena. 24 O tla bona lapa la hao le phela ka kgotso, o fumane tsohle tsa hao di ntse di feletse. 25 Bana ba hao o tla bona ba ngatafala, tloholo tsa hao di ata seka jwang naheng. 26 O tla ya lebitleng lemo tsa hao di ngatafetse, jwaloka koro e yang seotlong e se butswitse. 27 “Tsena di fupuditswe, ho fela ho dutse jwalo; di utlwe, o di tsebe, o di fole molemo.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa