Jobo 41 - BIBELE1 “Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama? 2 Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa? 3 Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise? 4 Na e tla etsa tumellano le wena, hore e be kgoba la hao kamehla yohle? 5 O tla e bapadisa sa ha o bapadisa nonyana, kapa o e holehele bananyana ba hao? 6 Na bahwebi ba heno ba tla e tsekisana ka theko, kapa ba e arolele bareki? 7 Na ka dikwebe tlalo la yona o ka le phunya, kapa ka tsenene hlooho ya yona o ka e hlaba? 8 Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape! 9 “Tshepo ya ho e hlola ke lefeelafeelane, motho ha a e bona pelo ya hae e a nyahama. 10 Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo? 11 Ya ntsekisang molato ke ofe, ke tsebe ho mo lefela? Ditsohletsohle tlasa lehodimo ke tsa ka. 12 “Ha nka ke ka tlohela ho bua ka ditho tsa kganyapa, ka matla a yona le bopeho se kgahlehang sa yona. 13 Bokantle ba tlalo la yona bo ka ebolwa ke mang? Ya ka atamelang ke mang, a e kenya tomo hanong? 14 Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha! 15 Mokokotlo wa yona o kwahetswe ke makgekgebu, makgekgebu a momahaneng eka a manamisitswe ka boka; 16 a momahane haholo, moya o ke ke wa tswa pakeng tsa wona. 17 A kopantswe hathatathata, a momahane hoo a ke keng a arohanngwa. 18 Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha. 19 Malakabe a tlola ka molomong wa yona, tlhase di betseha seka motjhotjhonono. 20 Mosi o foqoha ka nkong tsa yona, jwaloka mosi ha pitsa e mollong wa ditlhaka e bela. 21 Moya wa yona o butswela mashala a hlene, malakabe a tlole ka hanong la yona. 22 Molala wa kganyapa o shidikane, ba e bonang ba phakgasela ke tshabo. 23 Maphutha a tlalo la yona a momahane, a sataletse, a ke ke a sisinyeha. 24 Bothata ba pelo ya yona ekare ba lejwe, bothata ba yona bo tshwana le ba lwala la moralla. 25 Ha e soballa natla di a phakgasela, di suthe kapele ho yona ke tshabo. 26 Kahodima yona ho kuba sabole, ho kube lerumo, le motsu, le yona tsenene! 27 Ho yona tshepe e tshwana le setoroi feela, lethose le tshwana le patsi e bodile. 28 Ha e balehiswe ke metsu e betswa, majwe a letjeketjane a ka mmoko ho yona. 29 Ho yona koto e tshwana le setoroi feela, ho shohlomana ha marumo ho a e keketehisa. 30 Mpa e makgekgebu a thata sa mangetana, e siya mohlala jwaloka selei se hulwa seretseng. 31 E tsapodisa madiba jwaloka pitsa e bela, lewatle le bele sa pitsa e phehile mafura. 32 Tseleng e siya mophula wa metsi a benyang lekweba, o ka re moriri o moputswa o metse lewatleng. 33 Fatsheng lohle kganyapa ke torobela, ke bopuwa se sa bopellwang le tshabo. 34 Tsohle tse mabela e di shebela maotong, ke kgosi ya batana tsohle tse ikakasang.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa