Jobo 40 - BIBELEJobo o re o sitwa ho araba Modimo 1 Morena a boela a re ho Jobo: 2 “Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!” 3 Yaba Jobo o araba Morena, o re: 4 “Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka. 5 Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.” Phoofolo tse hlaha di laolwa ke mang? 6 Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re: 7 “Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe. 8 “Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse? 9 Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae? 10 Ikgabise he ka tlotla le ka bokgosi, o ikapese ka hlompho le botlotlehi. 11 Filo la kgalefo ya hao o hlo le hlatse, ha o bona moikgohomosi o mo kokobetse; 12 ha o bona moikgohomosi o mo theole, o tlabikelle ba kgopo tulong tsa bona; 13 o ba epele leroleng ba le mmoho, topo tsa bona o di kwahelle ka lebitleng. 14 Jwale le nna ke tla o thoholetsa, ke re: ‘Tsoho la hao le letona le ka o pholosa!’ 15 “Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo. 16 Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona! 17 E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane; 18 masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe. 19 Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona. 20 Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng. 21 E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka. 22 Leoka le e etseditse moriti, e etseditswe sakana-la-nkope, la e etsetswa ke meduwane, meduwane ya melatswana. 23 Ha e balehiswe ke ho tlala ha noka, ha e tshohe leha Jorodane e ka phuthumana, ya phuthumanela ka hanong la yona. 24 E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang?” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa